Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 28:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Le tla etsetsa Jehova sehlabelo se tjheswang ka mollo, e be setjheso, ka pohwana tse pedi, le pheleu, le dikonyana tse tona tse supileng tse se nang sekodi, tse lemo se le seng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Le tla etsa nyehelo ka mollo, e leng nyehelo ya setjheso e etsetswang Morena, e be dipohwana tse pedi, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse se nang sepha, tse nang le selemo.

Ver Capítulo Copiar




Numere 28:19
11 Referencias Cruzadas  

Ba kgetha dinama tsa ditjheso ba tle ba di nee bana ba setjhaba, ka ho ya ka makala a matlo a bontata bona, hore ba di hlahisetse Jehova, kamoo ho ngodilweng bukeng ya Moshe kateng; ba etsa jwalo le ka dikgomo.


Ha sehlabelo sa hae e le setjheso sa kgomo, a hlahise e tona e se nang sekodi, a e hlahise monyako wa tente ya pokano, a tle a amohelwe ke Jehova.


Le se ke la hlahisa letho le nang le sekodi, hobane le ke ke la dumeleha.


Le tla di ekeletsa ka nyehelo ya lefi la phofo le dubilweng ka ole, e ba karolo tse tharo tse boshome ka pohwana, le karolo tse pedi tsa boshome ka pheleu,


Konyana tsa lona le tla kgetha tse se nang sekodi, mme le tla hlahisa le ditshelo tsa tsona.


Le tla hlahisa setjheso se monko o monate ho Jehova sa pohwana, le pheleu, le dikonyana tse tona tse supileng tse lemo se le seng, tse se nang sekodi.


Empa ekare ha phoofolo eo e na le sekodi, kapa e le sehlotsa, kapa sefofu, mohlomong e na le bohole bo bong, o se ke wa e hlabela Jehova, Modimo wa hao.


O tla hlabela Jehova, Modimo wa hao, Paseka, o mo hlabele dikgomo le dinku tsa hao, nqalong eo Jehova a tla e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona.


empa e le ka madi a bohlokwa a Kreste, konyana e se nang letheba le sekodi;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos