Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 27:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 a bea matsoho a hae hodima hae, mme a mo nea ditaelo, kamoo Jehova a neng a boleletse Moshe kateng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 a mmea matsoho, a mo laya, jwalokaha Morena a boleletse Moshe.

Ver Capítulo Copiar




Numere 27:23
9 Referencias Cruzadas  

Jehova a re ho Moshe: Nka Joshua, mora Nune, monna eo moya o leng ho yena, o bee letsoho la hao hodima hae.


O mmee pela moprista Eleasare le pela phutheho yohle, mme o mo nee ditaelo pontsheng ya bona.


Moshe a etsa kamoo Jehova a mo laetseng kateng. A nka Joshua, a mmea pela moprista Eleasare le pela phutheho kaofela;


Jehova a bua le Moshe, a re:


Mohlang oo, ka laela Joshua ka re: Mahlo a hao a bone tsohle tseo Jehova, Modimo wa lona, a di entseng ho marena ao a mabedi: Jehova o tla etsa jwalo le ka mebuso yohle eo le tla e futuhela.


O mpe o laele Joshua, o mo kgothatse, o mo natlafatse, hobane ke yena ya tla etella setjhaba sena pele, hape ke yena ya tla ba ruisa lefatshe leo o tlang ho le bona.


Jehova a laela Joshua, mora Nune, a re ho yena: Iphe matla, o tiye pelo, hobane ke wena o tla kenya bana ba Iseraele lefatsheng leo ke ba anetseng hore ke tla ba fa lona, mme nna ke tla ba le wena.


Haele Joshua, mora Nune, o ne a tletse moya wa bohlale; hobane Moshe o ne a mmeile matsoho hodimo; bana ba Iseraele ba mo utlwa, mme ba etsa jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos