Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 26:62 - Sesotho 1909/1961 (SO)

62 Ba badilweng ba bona, e leng ba batona bohle, ho qala ka ba kgwedi e le nngwe ho isa ho ba ka pele ho moo, ya eba dikete tse mashome a mabedi a metso e meraro. Ha ba ka ba balwa palong ya bana ba Iseraele, kahobane ha ba ka ba newa lefa hara bana ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

62 Banna bohle ba ileng ba balwa e ne e le dikete tse mashome a mabedi le metso e meraro, ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo. Balevi ba ne ba sa balellwa le bana ba Iseraele, hobane ba ne ba sa abelwa lefa hara bana ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar




Numere 26:62
14 Referencias Cruzadas  

Haele Balevi, le leloko la bontata bona, ha ba ka ba baliwa hara ba ngotsweng.


Feela, o se ke wa bala leloko la Levi, mme o se ke wa le ngolla hara bana ba Iseraele,


Bana ba Iseraele ke bao, bao Moshe le moprista Eleasare ba kileng ba ba bala mahwatateng a Moabe, haufi le Jordane, mabapa le Jeriko.


Ba ngotsweng ba Balevi bao Moshe le Aarone ba ba ngodileng ka taelo ya Jehova, ka matlo a bona, ha ho teanngwa ba batona bohle, ho qala ka ba kgwedi e le nngwe ho isa ho ba fetang moo, ya eba kete tse mashome a mabedi a metso e mmedi.


Tshebetso yohle ya bara ba Bagershone e tla etswa ka taelo ya Aarone le bara ba hae, leha ba jara, leha ba sebetsa. Le tla e bea paballong ya bona, hore ba boloke tsohle tseo ba tlang ho di jara.


ba ngodilweng bao bohle ya eba dikete tse robileng meno e le mmedi, tse nang le makgolo a mahlano a mashome a robileng meno e le mmedi.


Ke ka baka leo Levi a se nang karolo, leha e le lefa, le banababo; Jehova ke yena e leng lefa la hae, jwalokaha Jehova, Modimo wa hao, a mmoleletse.]


Haele leloko la Balevi ha a ka a le nea lefa; mahlabelo a beelwang Jehova, Modimo wa Iseraele, ke wona e leng lefa la bona, jwalokaha a ne a ba boleletse.


Empa Moshe ha a ka a nea leloko la Balevi lefa; Jehova, Modimo wa Iseraele, ke yena e leng lefa la bona, jwalokaha a ne a ba boleletse.


Hobane Moshe o ne a neile meloko e mmedi le mothapo o mong wa leloko le leng lefa la yona mose wane wa Jordane; empa ha a ka a nea Balevi lefa hara bona,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos