Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 24:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 la ya tsebang bohlale ba Ya leng hodimodimo, la ya bonang dipono tsa Ya matla wohle, la ya inamang, mme mahlo a hae a ele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 ho porofeta monna ya utlwang lentswe la Modimo, ya nang le tsebo ya Ya Hodimodimo; ya bonang dipono tsa Ya Matla wohle, ya welang fatshe mahlo a hae a ntse a bona.

Ver Capítulo Copiar




Numere 24:16
9 Referencias Cruzadas  

Melkisedeke, morena wa Saleme, a tlisa bohobe le veine. E ne e le yena moprista wa Modimo o hodimodimo.


Eitse ha Abrame e se e le motho ya dilemo tse mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong, Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re ho yena: Ke nna Modimo o matla wohle. Tsamaya pela ka, o be kgabane;


Balaame a porofeta, a re: Lentswe la Balaame, mora Beore; lentswe la monna ya leihlo le tutubolohileng, lentswe la ya utlwang mantswe a Modimo,


Ke a e bona, empa e seng jwale, ke a e boha, empa e seng haufi. Naledi e tswa ho Jakobo, lere la borena le nyoloha Iseraeleng. O hlaba mahlakore a Moabe, mme o timetsa bana bohle ba moferefere;


A porofeta, a re: Lentswe le Balaame, mora Beore, lentswe la monna ya nang le leihlo le tutubolohileng, lentswe la ya utlwang mantswe a Modimo,


la ya bonang dipono tsa Ya matla wohle, la ya inamang, mme mahlo a hae a ele:


Mme leha nka ba le neo ya boporofeta, kapa leha nka tseba diphiri tsohle le bohlale bohle, leha nka ba le tumelo yohle, ka ba ka falatsa le dithaba, ha ke se na lerato, ha ke letho.


Haele ka dintho tse hlabetsweng ditshwantsho, re a tseba hobane bohle re na le tsebo. Tsebo empa e na le boikgohomoso, athe lerato le a hahisa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos