Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 24:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Jwale, ke ikela ho ba heso; tlo o he, ke o bolelle seo setjhaba sena se tla se etsa ho setjhaba sa hao mehleng e tlang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 “Jwale bona, ke ya setjhabeng sa heso. A nke ke o hlokomedise seo setjhaba sa heso se tla se etsa setjhaba sa hao ka matsatsi a tlang.”

Ver Capítulo Copiar




Numere 24:14
16 Referencias Cruzadas  

Jakobo a ntoo bitsa bara ba hae, a re: Phuthanang, ke tle ke le tsebise tse tlang ho le hlahela mehleng e tlang.


Ba tla hlahlelwa jwaloka ba hapilweng, ha ba hlahlelwa teronkong, ba kwallwe mameneng; mme hobane ho fete matsatsi a mangata, ba tla otlwa.


Leha ho le jwalo, ke tla kgutlisa ba kgolehong ba Moabe mehleng ya morao, ho bolela Jehova. Ho fihlela moo, ke kahlolo ya Moabe.


Leha ho le jwalo, mehleng ya ho qetella, ke tla kgutlisa ba kgolehong ba Elame, ho bolela Jehova.


Ke tlile jwale ho o tsebisa se tla hlahela setjhaba sa heno mehleng ya qetello; hobane pono e lebisa ho tse tlang ho tla.


Empa Modimo o teng lehodimong o senolang diphiri, mme o tsebisitse morena Nebukadnesare tse tlang ho etsahala mehleng e tlang ho tla. Toro ya hao le dipono tse itlhahetseng moyeng wa hao ha o ne o robetse, ke tsena:


Empa hamorao, bana ba Iseraele ba tla kgutla, ba batle Jehova, Modimo wa bona, le Davida, morena wa bona; mehleng ya morao, ba tla itlhahanela ho Jehova le ho molemo wa hae.


Setjhaba sa ka, hopola hle seo Balake, morena wa Moabe, a neng a se rerile, le seo Balaame, mora Beore, a mo arabetseng sona, le tse hlahileng ho tloha Sittime ho ya fihla Gilgale, o tle o tsebe ketso tse lokileng tsa Jehova.


Ke a e bona, empa e seng jwale, ke a e boha, empa e seng haufi. Naledi e tswa ho Jakobo, lere la borena le nyoloha Iseraeleng. O hlaba mahlakore a Moabe, mme o timetsa bana bohle ba moferefere;


Yaba Balaame o ema, a tloha a kgutlela ha hae; le yena Balake a ya ka tsela ya hae.


Mehleng ya bofelo, ho bolela Modimo, ke tla tshela nama yohle ka Moya wa ka; bara ba lona le baradi ba lona ba tla porofeta; ba batjha ba lona ba tla bona dipono, mme maqheku a lona a tla lora ditoro.


Tseba hobane mehleng ya qetello ho tla hlaha dinako tse bohloko.


Baalame, mora Beore, senohe, le yena o ne a bolailwe ka lerumo ke bana ba Iseraele, hara ba bang ba bolailweng.


O se ke wa tshaba letho la tseo o tlang ho tshwenngwa ka tsona. Bona, Diabolose o se a ya kenya ba bang ho lona teronkong, hore le lekwe; mme le tla ba le matshwenyeho a matsatsi a leshome. O tiye ho isa lefung, mme ke tla o fa moqhaka wa bophelo.


Empa ke na le ditaba tse seng kae, tseo ke di nyatsang ho wena: ke hobane mona o na le ba yang ka thuto ya Balaame, ya rutileng Balake ho bea kgopiso pela bana ba Iseraele, ba tle ba je tse hlabetsweng medimo ya bohata, mme ba etse bohlola.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos