Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 23:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Jehova a kenya mantswe molomong wa Balaame, a re ho yena: Kgutlela ho Balake, mme o mmolelle hore hoitseng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Morena a bolella Bileame hore na a tle a reng, a nto re ho yena: “Kgutlela ho Balake mme o bue tjena.”

Ver Capítulo Copiar




Numere 23:5
14 Referencias Cruzadas  

O tle o bue le yena, o kenye ditaba molomong wa hae, mme nna ke tla ba le molomo wa hao, ke be le molomo wa hae, mme ke tla le ruta seo le tla se etsa.


Merero ya pelo ke ya motho; haele ho bua he leleme, ho taelong ya Jehova.


Pelo ya motho e itherela tsela, empa ke Jehova ya tsamaisang maoto.


Ke beile mantswe a ka molomong wa hao, ke o apesitse ka moriti wa letsoho la ka, ke tle ke ale mahodimo a matjha ke thee lefatshe le letjha, mme ke re ho Sione: O setjhaba sa ka!


Haele nna, ke sona selekane seo ke se etsang le bona, ho bolela Jehova: Moya wa ka o dutseng ho wena, le ditaba tsa ka tseo ke di beileng molomong wa hao, ha di sa tla tloha molomong wa hao le melomong ya bana ba hao, le melomong ya bana ba bana ba hao, ho bolela Jehova jwale le ka ho sa feleng.


Yaba Jehova o otlolla letsoho la hae, a ama molomo wa ka; mme Jehova a re ho nna: Bona, ke bea mantswe a ka molomong wa hao.


Modimo wa tla ho Balaame bosiu, wa re ho yena: Erekaha banna bana ba tlile ho o bitsa, tloha o ye le bona; leha ho le jwalo, o tla etsa seo ke tla o bolella sona.


Lengeloi la Jehova la re ho Balaame: Eya le batho bao; empa o se ke wa bua ho hong, haese lentswe leo ke tla o bolella lona. Mme Balaame a ya le matona a Balake.


Jehova a tla ho Balaame, a kenya mantswe molomong wa hae, a re ho yena: Boela ho Balake, o mmolelle hore hoitseng.


Modimo wa tla ho Balaame; mme Balaame a re ho wona: Ke lokisitse dialetare tse supileng, mme ke hlabile poho le pheleu aletareng e nngwe le e nngwe.


Yaba o kgutlela ho yena; a fihlela Balake a eme pela setjheso sa hae, a ena le matona wohle a Moabe.


hobane Moya o Halalelang o tla le ruta, ka yona nako eo, seo le tshwanetseng ho se bolela.


O ne a sa bue jwalo a iqalla, empa, kahobane e ne e le moprista e moholo ka selemo seo, a poforeta hore Jesu o tshwanetse ho tla shwela setjhaba,


ke tla ba hlahisetsa moporofeta ya tswang hara banababo bona, ya jwaloka wena; ke tla bea mantswe a ka molomong wa hae, mme o tla ba bolella tsohle tseo ke tla mo laela tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos