Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 23:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Empa Balake a re ho Balaame: Tloo jwale, ke o ise bakeng sesele; mohlomong ha o le mane, e tla ba ntho e lokileng mahlong a Modimo hore o nthohakele setjhaba seo, o le mane.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

27 Balake a re ho Bileame: “Tloo, ke a o rapela: Ke tla o isa sebakeng se seng hape. Mohlomong ho tla thabisa Modimo hore o nthohakele sona ha o le moo.”

Ver Capítulo Copiar




Numere 23:27
12 Referencias Cruzadas  

Leha ho le jwalo, o na le kgopolo e le nngwe feela; ke mang ya ka o reteletsang? Seo moya wa wona o se ratang, o a se etsa.


Mehopolo e mengata ka pelong ya motho, empa morero wa Jehova ke wona o tiyang.


Ha ho bohlale, ha ho kelello, ha ho le morero o ka lwantshang Jehova.


Hobane Jehova wa makgotla o rerile; ke mang ya ka hanang? Letsoho la hae le otlolohile; ya ka le honyetsang ke mang?


Hobane, nna Jehova, ha ke a fetoha, ke moo lona, bara ba Jakobo, le sa kang la timela.


Tloo ho nna hle, o nthohakele tjhaba seo, hobane se mpheta ka matla; ke moo mohlomong nka se hlolang, ka ba ka se lelekisa naheng ena; hobane ke a tseba hoba eo o mo hlohonolofatsang o hlohonolofetse, mme eo o mo rohakang o rohakilwe.


Balake a re ho yena: Tloo le nna hle bakeng sesele, moo o tla se bona; o tla bona karolo e le nngwe feela ya sona, e seng ho se bona kaofela. O nthohakele sona teng.


Na hase seo ke o boleletseng sona, ka re: Ke tla etsa tsohle tseo Jehova a tla mpolella tsona na?


Balake a isa Balaame qhoweng ya Peore, moo e okametseng lefeella.


Hobane dineo tsa Modimo le pitso ya wona ha di na ho kwenehelwa ke wona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos