Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 22:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Yaba Jehova o tutubolla mahlo a Balaame, mme a bona lengeloi la Jehova le eme tseleng, lerumo le tsomotsweng le le letsohong la lona; a inama, a itihela fatshe ka sefahleho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

31 Jwale Morena a tutubolla mahlo a Bileame. A bona lengeloi la Morena le eme ka tseleng, le tshwere sabole ka letsoho; yaba o a inama, o itihela fatshe ka sefahleho.

Ver Capítulo Copiar




Numere 22:31
14 Referencias Cruzadas  

Yaba Modimo o tutubolla mahlo a hae, mme a bona sediba sa metsi; a ya, a tlatsa sehwana, a nwesa ngwana.


Davida eitse ha a emisa mahlo, a bona lengeloi la Jehova le eme pakeng tsa lefatshe le lehodimo, le tshwere sabole e bolatsi letsohong la lona, le e otlolletse Jerusalema. Yaba Davida le baholo, ba apere masela a mahwashe, ba itahla fatshe ka difahleho tsa bona.


Jehova, sohlometsa botshabeho ba hao hara tsona, ditjhaba di tle di utlwe hoba ke batho feela! (Sela.)


Moshe a phakisa a inamela fatshe, a kgumama,


Esele ya re ho Balaame: Hleka hase nna esele ya hao eo o nnileng wa e palama haesale ke le wa hao, ho fihlela kajeno na? A ke temalo ya ka ho o etsa jwalo na? Mme a araba, a re: Tjhe!


la ya tsebang bohlale ba Ya leng hodimodimo, la ya bonang dipono tsa Ya matla wohle, la ya inamang, mme mahlo a hae a ele.


la ya bonang dipono tsa Ya matla wohle, la ya inamang, mme mahlo a hae a ele:


Empa mahlo a bona a ne a sirelwa, ba ba ba sitwa ho mo tseba.


Yaba mahlo a bona a tutuboloha, mme ba mo tseba; empa a ba nyamella.


Eitse hobane a ba bolelle, a re: Ke nna enwa, ba sutha kasanthao, ba wela fatshe.


o tle o tutubolle mahlo a bona, hore ba tlohe lefifing ho kena leseding, ba tlohe le matleng a Satane ho sokolohela ho Modimo, mme ba bone tshwarelo ya dibe tsa bona le lefa hara bahalaledi ka ho dumela ho nna.


Eitse Joshua, ha a le haufi le Jeriko, a emisa mahlo, a tadima, a bona monna a eme mabapa le yena, a tshwere lerumo le tsomotsweng ka letsoho la hae. Joshua a tla pela hae, a re ho yena: Na o wa rona, kapa o wa direng tsa rona na?


Eo a re: Tjhe, empa ke tlile jwale, ke le molaodi wa makgotla a Jehova. Yaba Joshua o wela fatshe ka sefahleho, a inama, a re ho yena: Morena ka o reng ho mohlanka wa hae?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos