Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 22:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Moabe a tshoha haholo ha a bona setjhaba se sekalo, a tshwarwa ke thothomelo ka baka la bana ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Bamoabe ba tshaba setjhaba seo haholo, hobane se ne se le sengata haholo. Bamoabe ba tshoha haholo ka baka la bana ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar




Numere 22:3
10 Referencias Cruzadas  

kahobane ba ne ba sa ka ba ya kgahlanyetsa bana ba Iseraele ka bohobe le metsi, ba mpa ba lefa Balaame hore a ba rohake. Feela, Modimo wa rona ke wona o kileng wa fetola thohako hlohonolofatso.


Ba tla nne ba tshwarwe ke tshoho e mpe, moo lebaka la ho tshoha le leng siyo. Ka baka leo, Modimo o tla qhalanya masapo a ba o tsohelang matla; ba tla tsielehiswa, hobane Modimo o ba lahlile.


Empa ba tswatswile ba ba tuba, ya eba hona moo ba atang, ba ngatafalang; mme ba teneha ke bana ba Iseraele.


Mahosana a Edomo a kile a tlakasela, dinatla tsa Moabe di bolailwe ke matswalo, baahi bohle ba Kanana ba qhibilihile.


Ke tla romela letsoso la ka le o etelle pele, mme ke qhale tjhaba se seng le se seng seo o tla fihla ho sona, ke balehise pela hao dira tsohle tsa hao.


Etlare ha taba e fihla Egepeta, ba tla thothomela ke ho utlwa taba tsa Tire.


Kajeno, ke tla qala ho tshollela ditjhaba tse katlasa lehodimo lohle tshoho le tshabo ya hao; etlere ha di utlwa botumo ba hao, di thothomele, mme di tsielehe pela hao.


ba re ho Joshua: Ruri, Jehova o neetse fatshe lohle matsohong a rona, le bohle ba ahileng lefatsheng leo ba nyahame dipelo ke ho re tshaba.


Ba fetola Joshua, ba re: Ka baka la hobane bahlanka ba hao ba ne ba boleletswe haholo kamoo Jehova, Modimo wa hao, a laetseng mohlanka wa hae Moshe kateng, hore le neelwe lefatshe lohle, mme le timetse pela lona bohle ba ahileng lefatsheng lena; ke kahoo re tshabaneng haholo le bophelo ba rona, ka ho le tshaba, mme ra etsa jwalo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos