Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 20:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Na ke ka baka lang le tlisitseng phutheho ya Jehova lefeelleng lena, hore re shwele teng, rona le makgomo a rona?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Ke hobaneng ha o tlisitse setjhaba see sa Morena lehwatateng lee, hore re tlo shwela teng, rona le diphoofolo tsa rona?

Ver Capítulo Copiar




Numere 20:4
13 Referencias Cruzadas  

Ba lebala Modimo, Molopolli wa bona, o neng o entse ntho tse kgolo Egepeta,


Bana ba Iseraele ba re ho bona: Hojane ra itjhwella ka letsoho la Jehova lefatsheng la Egepeta re ntse re ituletse pela dipitsa tsa nama, re eja bohobe, re kgora! Hobane le re ntshitse teng, la re tlisa lefeelleng lena, hore le bolaye setjhaba sena kaofela ka tlala.


Setjhaba se fela se ne se nyoretswe metsi, sa ngangisa Moshe, sa re: O ne o re ntshetsang Egepeta, ho tla re bolaisa lenyora rona le bana ba rona, le makgomo a rona?


ba re ho bona: Jehova a le tadime, mme a re ahlolele, haele mona le re entse sebodu mahlong a Faro le mahlong a bahlanka ba hae, mme le ba neile lerumo la ho re bolaya.


tjhe, empa e tla ba ka kgwedi e tletseng, ho fihlela ha nama e etswa dinkong tsa lona, mme e nyekisa dipelo tsa lona; hobane le lahlile Jehova ya leng hara lona, la lla pela hae, la re: A ke ka baka lang ha re tswile Egepeta?


Ke mang ya tla re fa nama, re je? Re sa hopotse dihlapi tseo re neng re di ja Egepeta re sa di reke, le dikomkomere, le mahapu, le sholoto, le dieie, le sofothafotha;


Bana ba Iseraele bohle ba dumaduma ka Moshe le ka Aarone, mme phutheho yohle ya re ho bona: Jo! hoja ra mpa ra shwela fatsheng la Egepeta! hoja ra timela lefeelleng lena!


Empa yare ha bo esa phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya rorela Moshe le Aarone, ya re: Le bolaile setjhaba sa Jehova.


Moshe eo ba neng ba mo nyatsitse, ba re: Ke mang ya o beileng morena le moahlodi wa rona? Ke yena ya kileng a rongwa ke Modimo, hore e be morena le monamoledi wa bona, ka letsoho la lengeloi le kileng la hlaha ho yena sehlahleng.


Eitse ha Baiseraele ba nyoloha Egepeta, ba tsamaya feelleng, ho tla fihla Lewatleng le Lefubedu, ba ntoo fihla Kadeshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos