Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 20:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya fihla lefeelleng la Tsine ka kgwedi ya pele, mme setjhaba sa emisa Kadeshe. Miriame a shwela teng, mme a epelwa teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ka kgwedi ya pele setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa fihla lehwatateng la Sine, mme setjhaba sa emisa Kadeshe. Meriama a shwella hona moo, a ba a apelwa hona teng.

Ver Capítulo Copiar




Numere 20:1
23 Referencias Cruzadas  

Ba ba ba kgutla, ba tla Ene-Mishpathe, ke ho re, Kadeshe, ba qhala Baamaleke le Baamore ba ahileng Hatsatsone-Thamare, naheng yohle ya bona.


lentswe la Jehova le sisinya lefeella, le thothometsa nahathothe ya Kadeshe.


Yaba Miriame moporofeta, kgaitsedi ya Aarone, le yena o nka moropa letsohong la hae; basadi kaofela ba tswa, ba mo sala morao, ba nkile meropa, ba tlaka.


Mme kgaitsedi ya ngwana a ema hojana, ho bona se tlang ho mo hlahela.


Kgaitsedi ya ngwana a re ho moradi wa Faro: A nka ya, ka o bitsetsa moanyesi ho basadi ba Baheberu, a tle a o anyesetse ngwana na?


Ka nqa borwa, ho leba nqa tlase, moedi o tla tloha Thamare ho isa metsing a Meribothe-Kadeshe, o ye le nokana, mme o lebe ka nqa Lewatleng le Leholo. Ke oo moedi ka nqa borwa, ka nqa katlase.


Ke o ntshitse lefatsheng la Egepeta, ke o lopolotse tlung ya bohlanka, ka ba ka o etella pele ka Moshe le Aarone le Miriame.


Miriame le Aarone ba seba Moshe, bakeng sa mosadi wa Kushe, eo a neng a mo myetse; hobane o ne a nyetse mosadi wa Kushe; ba re:


Leru la tloha tenteng; mme hanghang, Miriame ya eba molepera, a ba mosuwana jwaloka lehlwa; Aarone ha a retelehela ho Miriame, a mmona hoba ke molepera.


Yaba Miriame o kwallwa kantle ho diahelo matsatsi a supileng; mme setjhaba ha se a ka sa tloha, Miriame a eso ho boele teng.


Yaba ba ya, mme ba hlwela naha ho tloha lefeelleng la Tsine ho isa Rehobe, tseleng ya Hamathe.


Ba fihla, ba ya ho Moshe le Aarone, le ho phutheho yohle ya bana ba Iseraele lefeelleng la Parane, ka nqa Kadeshe, mme ba ba behela bona le phutheho yohle ditaba, ba ba bontsha ditholwana tsa naha.


Ra howeletsa ho Jehova, a utlwa lentswe la rona. A roma lengeloi, mme a re ntsha Egepeta. Bona, re se re le Kadeshe, motse o pheletsong ya naha ya hao.


Phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya tloha Kadeshe, ya tla thabeng ya Hore.


Moshe a hlobodisa Aarone dikobo tsa hae, a di apesa Eleasare, mora hae. Aarone a shwela moo, qhoweng ya thaba. Mme Moshe le Eleasare ba theoha thabeng.


Lebitso la mohatsa Amrame e ne e le Jokebede, moradi wa Levi, ya tswaletsweng Levi Egepeta; a tswalla Amrame Aarone, Moshe le Miriame, kgaitsedi ya bona.


Hobane le ne le hane taelo ya ka lefeelleng la Tsine, mohla phutheho e hanyetsang, bakeng sa ho ntlotlisa pela batho ka taba ya metsi. Ke wona metsi a Meriba (kganyetso) ya Kadeshe, feelleng la Tsine.


Ba tloha Etsione-Gebere, ba emisa feelleng la Tsine; ke Kadeshe.


Ke ha le tla hlola Kadeshe tshiu tse ngata, e leng tshiu tseo le nnileng la di hlola teng.


Haele dilemo tseo re nnileng ra tsamaya ka tsona, ho tloha Kadeshe-Barnea, ho isa tsatsing leo re tshetseng nokana ya Serede ka lona, ya eba dilemo tse mashome a mararo a metso e robileng meno e le mmedi, mofuta wohle wa bana ba ntwa o be o fele diahelong, kamoo Jehova a neng a ba hlapanyeditse kateng.


kahobane le ntshitetswe hara bana ba Iseraele, metsing a Meriba a Kadeshe, nahathotheng ya Tsine, kamoo le sa kang la ntlotlisa kateng, hara bana ba Iseraele.


Eitse ha Baiseraele ba nyoloha Egepeta, ba tsamaya feelleng, ho tla fihla Lewatleng le Lefubedu, ba ntoo fihla Kadeshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos