Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 19:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 O tla itlhatswa ka metsi ao ka tsatsi la boraro le ka tsatsi la bosupa, mme o tla hlweka; empa ha a sa itlhatswe ka tsatsi la boraro le la bosupa, a ke ke a hlweka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 O tla itlhwekisa ka metsi ao ka letsatsi la boraro le ka letsatsi la bosupa, mme jwale e tla ba o hlwekile.

Ver Capítulo Copiar




Numere 19:12
12 Referencias Cruzadas  

O foke hodima ka ka hisopa, ke tle ke phekolehe! O ntlhatswe, ke tle ke fetisa lehlwa ka bosweu!


Yaba Jehova o re ho Moshe: Eya ho setjhaba, o se hlwekise kajeno le hosasane: ba hlatswe diaparo tsa bona. Ba itokisetse letsatsi la boraro, hobane ka tsatsi la boraro Jehova o tla theohela hodima thaba ya Sinai, mahlong a setjhaba kaofela.


A re ho setjhaba: Itokisetseng letsatsi la boraro, mme le se ke la atamela basadi.


Ke tla le tshela ka metsi a hlwekileng, hore le tle le ntlafale; ke tla le ntlafatsa, hore le hloke ditshila tsohle tsa lona le ditshwantsho tsohle tsa lona.


Hoba ho fete matsatsi a mabedi, o tla re pholosa; la boraro a re emise, re phele pela hae.


o tla foka hasupa hodima motho ya itlhatswang lepera la hae, mme o tla re, o hlatswehile, a ntoo lesa serobele se sa utlwang se fofele nahathothe.


Se setseng sa nama ya sehlabelo ho isa letsatsing la boraro, se tla tjheswa ka lona, ka mollo.


Haele lona, salang ka ntle ho diahelo ka matsatsi a supileng; bohle ba ho lona ba bolaileng motho le bohle ba amileng setopo, ba tle ba itlhatswe ka la boraro le ka la bosupa, bona hammoho le batshwaruwa ba bona.


Ha o a ka wa kgetha mahareng a rona le bona, hobane o hlwekisitse dipelo tsa bona ka tumelo.


Ka re ho yena: Monghadi, ho tseba wena. A re ho nna: Ke ba tswang mahlomoleng a maholo; ba hlatswitse diaparo tse telele tsa bona, ba di sweufaditse mading a Konyana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos