Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 18:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Jehova a re ho Aarone: Bona, ho ntho tsohle tse kgethwang ke bana ba Iseraele, ke o fa tseo ke di fuwang ka mokgwa wa kabelo; ke o fa tsona; ke di nea wena le bara ba hao e le ditokelo tsa botlotsuwa, ka molao o sa feleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Morena a re ho Arone: “Bona, o tla hlokomela dinyehelo tsa ka; ke o neile dintho tsohle tse halalelang tsa bana ba Iseraele, e le seabo sa hao le sa bara ba hao. Hona ke taelo ya mehla yohle.

Ver Capítulo Copiar




Numere 18:8
32 Referencias Cruzadas  

Haele ditjhelete tsa mahlabelo a melato, le tjhelete tsa mahlabelo a dibe, di ne di sa tliswe tlung ya Jehova; e ne e le tsa baprista.


Yaba o laela setjhaba, e leng baahi ba Jerusalema, hore ba ntshe kabelo ya baprista le ya Balevi, hore ba bolokisise molao wa Jehova.


Eitse hobane taelo e tume, bana ba Iseraele ba tlisa dilopotsiya tse ngata tsa koro, tsa veine e ntjha, tsa ole, tsa dinotshi, le tsa tsohle tse bewang ke masimo; ba tlisa le karolo ya leshome ya ntho tsohle.


Aarone le bara ba hae ba ke ba a tene, ha ba kena tenteng ya pokano, leha ba atamela aletareng, ho phetha tshebeletso ya sehalalelo, ba tle ba se ke ba etsa molato, mme ba se ke ba eshwa; ke taelo e sa feleng, e neilweng yena le ditloholo tsa hae tse tla mo hlahlama.


O ntoo nka madi a aletareng, le ole ya setlolo; o fafatse Aarone le diaparo tsa hae, le bara ba hae le diaparo tsa bona, hammoho le yena; etlaba o kgethehile, yena le diaparo tsa hae, hammoho le bara ba hae le diaparo tsa bona.


Hoo ho Aarone le bara ba hae e tla ba kabelo ya kamehla hara bana ba Iseraele; hobane ke seabelo sa hlokolo; seabelo sa hlokolo se tla ba teng sa bana ba Iseraele, sa mahlabelo a bona a teboho. Seabelo sa bona sa hlokolo e tla ba sa Jehova.


Diaparo tse kgethehileng tsa Aarone e tla ba tsa bara ba hae, ha a se a le siyo, hore ba tle ba di apare mohla ba tlotswang, le mohla ba kgethelwang boprista.


O be o apese Aarone ka diaparo tse kgethehileng, o mo tlotse, o mo kgethe, hore a tle a etse mosebetsi wa boprista pela ka.


o ba tlotse, jwalokaha o tlotsitse ntata bona, hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka; mme tlolo ya bona ho bona e tla ba boprista ba kamehla, melokong ya bona.


Mehleng eo, boima ba Assiria bo tla tloswa lehetleng la hao, le joko ya hae molaleng wa hao, joko e robehe ka baka la ho nona ha hao.


Moprista e leng e moholo hara banababo, ya tshetsweng ole ya tlolo hloohong, ya kgethilweng, ya apesitsweng diaparo tse kgethehileng, a se ke a rola hloohong ya hae, leha e le ho hahola diaparo tsa hae.


Moprista o tla tsokotsa ntho tseo pela Jehova, hammoho le bohobe ba dilopotsiya, le dikonyana tse pedi; di tla kgethelwa Jehova, mme e tla ba tsa moprista.


Aarone le bara ba hae ba tla ja se setseng sa nyehelo, mme se tla jewa se sa lomoswa, nqalong e halalelang; ba tla se jela lebaleng la tente ya pokano.


Ba batona bohle ho bara ba Aarone ba tla se ja. Ke taelo ya kamehla melokong ya lona, bakeng sa dinyehelo tse tjhesetswang Jehova ka mollo. Motho ya di amang o kgethehile.


Nyehelo ya Aarone le bara ba hae eo ba tlang ho e hlahisetsa Jehova ka letsatsi leo ba tla tlotswa ka lona, ke yona ena: Karolo ya leshome ya efa ya lefi la phofo e be nyehelo ya bona ya kamehla, eo halofo ya yona e tla hlahiswa hosasa, mme halofo e nngwe mantsiboya.


Moprista ya se hlahisang bakeng sa sebe, o tla se ja; se tla jelwa nqalong e halalelang, lebaleng la tente ya pokano. Ya ka amang nama ya sona, o kgethehile.


Karolo ya nyehelo e nngwe le e nngwe e tla hlahiswa ho Jehova e emisitswe, mme e tla ba ya moprista ya tsholotseng madi a se entsweng sehlabelo sa teboho.


Jehova a bua le Moshe, a re:


Ba batona bohle hara baprista ba tla se ja; se tla jelwa nqalong e halalelang: se halalela haholo.


Moshe a nka ole ya tlolo, le madi a neng a le aletareng, a foka Aarone le diaparo tsa hae ka wona, hammoho le bara ba hae, le diaparo tsa bona; a kgetha jwalo Aarone le diaparo tsa hae, hammoho le bara ba hae le diaparo tsa bara ba hae.


Tse tlang ho ba tsa hao ho dintho tse kgethehileng haholo, kantle ho tse tlang ho tjheswa ka mollo, ke tsena: dikabelo tsohle tsa bona, le dinyehelo tsohle tsa bona, le mahlabelo wohle a sebe le a melato ao ba tla ntlhahisetsa wona; dintho tseo tse kgethehileng haholo e tla ba tsa hao, le tsa bara ba hao.


Kabelo e nngwe le e nngwe ya dintho tse kgethelwang ke bana ba Iseraele, e tla ruwa ke moprista eo e iswang ho yena.


Na ha le tsebe hobane ba sebetsang tse halalelang ba jela ho tsa tempele? Le ba sebetsang aletareng ha ba jele aletareng na?


Nqalo e tla ba teng eo Jehova, Modimo wa lona, a tla e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona; ke moo le tla tlisa ntho tsohle tseo ke le laelang tsona, ditjheso tsa lona, le mahlabelo a lona, le karolo ya leshome ya dintho tsa lona, le dikabelo tse ntshwang ke matsoho a lona, le tsohle tse kegthilweng tsa dikano tsa lona, tseo le di baletseng Jehova.


Le tla isa teng ditjheso le mahlabelo a lona, le karolo ya leshome ya dintho tsa lona, le dikabelo tse ntshwang ke matsoho a lona, le mahlabelo a dikano tsa lona, le dinyehelo tsa lona tsa boithatelo, le matsibolo a dikgomo le a dinku tsa lona.


Baprista ba Balevi, leloko lohle la Levi, ba ke ke ba eba le kabelo, leha e le lefa, jwaloka Baiseraele ba bang; ba tla ja mahlabelo a Jehova a ditjheso, le lefa la hae.


O tla re pela Jehova, Modimo wa hao: Ke ntshitse tlung ya ka tsohle tse kgethilweng, ke di neile Molevi, le moditjhaba, le kgutsana, le mosadi wa mohlolohadi, ka ditaelo tsa hao tsohle tseo o nneileng tsona; ha ke a ka ka tlola letho la ditaelo tsa hao, mme ha ke a ka ka di lebala.


o ratile ho loka, mme o hloile bokgopo; ka baka leo, Modimo, Modimo wa hao o o tlotsitse ka ole ya nyakallo kahodima bohle ba nang le kabelo le wena.


Haele lona, le amohetse tlholo ho Ya halalelang, mme le tseba tsohle.


Haele lona, tlholo eo le e nkileng ho yena e dutse ho lona, mme ha le a tshwanela ho rutwa ke e mong; empa jwalokaha tlholo ya hae e le ruta tsohle, mme e le ya nnete, e se ya leshano, dulang ho yona, jwalokaha a le rutile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos