Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 18:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 O ba bolelle, o re: Etlare hobane le kgethe se molemo, boshome bo tla ballwa Balevi, jwaloka katleho ya seotlo, le jwaloka katleho ya sehatelo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

30 “O re ho bona: ‘Ha le nyehela ka karolo e ntle ka ho fetisisa, ena e tla ba seabo sa Balevi, jwalokaha e ka ke koro e tswang seotlong, le jwalokaha e ka ke veine e tswang setlhotlelong.

Ver Capítulo Copiar




Numere 18:30
12 Referencias Cruzadas  

Yaba Iseraele, ntata bona, o re ho bona: Ha e ka kgona ho be jwalo, etsang hona: Kenyang mekotleng ya lona dintho tsa bohlokwa tsa naha, le nyehelle motho eo ka tsona; le nkeng balsame, le dinotshi, le dinoko, le mirra, le ditholwana, le diamanda.


Yaba ba fihla seotlong sa Athade, se leng mose ho Jordane, mme ba lla teng ka dikgapha tse kgolo tsa mahlomola; mme Josefa a dulela ntatae teng bofifi ba ditshiu tse supileng.


O kgethe sefuba sa seabelo se tsokotswang le letsoho la hlokolo, e leng se tsokoditsweng le se hlokotsweng sa pheleu ya peo, sa ya Aarone le sa ya bara ba hae.


Ha le hlahisa ntho e sefofu ho etsa sehlabelo, ha ho molato na? Kapa ha le hlahisa e hlotsang, kapa e kulang, ha ho molato na? E ise he ho mmusi wa hao: na o tla o thabela, kapa a kgahlwe ke wena na? ho botsa Jehova wa makgotla.


Dineong tsohle tseo le tla di newa, le tla nkela Jehova dikabelo. Ho tse fetisang ka molemo, le tla kgetha kabelo e kgethehileng.


Le tla bo ja kae le kae, lona le ba matlo a lona; hobane ke moputso wa lona bakeng sa tshebetso eo le e etsang tenteng ya pokano.


Le mpe le batle mmuso wa Modimo le ho loka ha wona pele; mme dintho tseo tsohle le tla di ekeletswa.


Rata Jehova, Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka matla a hao wohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos