Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 18:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Bana ba Iseraele ba ke ke ba hlola ba atamela tente ya pokano, esere mohlomong ba ipakela molato, mme ba eshwa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Ho tloha jwale, bana ba Iseraele ba se hlole ba atamela Tente ya Morena, esere ba jara sebe, mme ba shwela moo.

Ver Capítulo Copiar




Numere 18:22
7 Referencias Cruzadas  

Aarone le bara ba hae ba ke ba a tene, ha ba kena tenteng ya pokano, leha ba atamela aletareng, ho phetha tshebeletso ya sehalalelo, ba tle ba se ke ba etsa molato, mme ba se ke ba eshwa; ke taelo e sa feleng, e neilweng yena le ditloholo tsa hae tse tla mo hlahlama.


Ekare ha e mong a ka robala le mosadi wa ngwanabo ntatae, o apotse bofeela ba ngwanabo ntatae; ba tla jara sebe sa bona; ba tla shwa ba se na bana.


Ba boloke melao ya ka, e se be ba jara boima ba sebe sa bona, mme ba se ka ba eshwa, kahobane ba hlomphollotse dintho tse kgethehileng. Ke nna Jehova ya ba halaletsang.


Wena le bara ba hao, le tla phetha ditshwanelo tsa boprista ba lona nthong tsohle tsa aletare, le tsa tse ka nqane ho lesira; ke yona tshebetso eo le tla e etsa. Ke le nea tshebetso ya boprista ka mokgwa wa mpho feela. Moditjhaba ya tlang ho atamela, o tla bolawa.


O ngole Aarone le bara ba hae, ba tle ba phethe mosebetsi wa boprista ba bona; moditjhaba ya tlang ho atamela, o tla bolawa.


Ba neng ba hloma ka nqa kapele ho tabernakele, ka nqa botjhabela, pela tente ya pokano, ka nqa botjhabatsatsi, e ne e le Moshe, le Aarone, ka bara ba hae, e leng bona ba baballelang bana ba Iseraele dintho tsa sehalalelo; moditjhaba ya tlang ho atamela, o tla bolawa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos