Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 17:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Yaba Moshe o phetela bana ba Iseraele mantswe ao; marena wohle a mo nea dithupa; morena e mong le e mong a mo nea thupa; dithupa tsa eba leshome le metso e mmedi, ka palo ya matlo a bontata bona. Thupa ya Aarone e ne e le hara tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Moshe a bua le bana ba Iseraele, mme mahosana wohle a bona a mo nea melamu ya wona; kgosana kanngwe molamu o le mong, ho ya ka malapa a bo-ntata bona. E ne e le melamu e leshome le metso e mmedi. Molamu wa Arone o ne o le teng kahara melamu ya bona.

Ver Capítulo Copiar




Numere 17:6
5 Referencias Cruzadas  

Difate tseo o ngodileng ho tsona di tla ba letsohong la hao, pontsheng ya bona;


Bana ba Iseraele bohle ba dumaduma ka Moshe le ka Aarone, mme phutheho yohle ya re ho bona: Jo! hoja ra mpa ra shwela fatsheng la Egepeta! hoja ra timela lefeelleng lena!


Feela, le se ke la ikgantshetsa Jehova; mme le se ke la tshaba batho ba naha eo, hobane re tla ba qeta; leswiti le se le tlohile hodima bona, kanthe Jehova o na le rona; le se ke la ba tshaba.


Monna eo ke tla mo kgetha, e tla ba eo thupa ya hae e tswang dipalesa, mme ke tla fedisa medumadumo e ntseng e bolelwa hodima lona ke bana ba Iseraele.


Moshe a bea dithupa pela Jehova, ka tenteng ya bopaki.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos