Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 16:48 - Sesotho 1909/1961 (SO)

48 A ema dipakeng tsa ba shweleng le tsa ba phelang; yaba lefu le a kgaotsa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

48 Jwale a ema pakeng tsa ba shweleng le ba phelang, yaba sewa se a kgaotsa.

Ver Capítulo Copiar




Numere 16:48
14 Referencias Cruzadas  

Teng, Davida a hahela Jehova aletare, a mo etsetsa ditjheso le mahlabelo a teboho. Yaba Jehova o hauhela naha, mme lefu la tloha Iseraeleng.


Ke ha Finease a hlaha, a pheteletsa Modimo, mme lefu leo la kgutsa;


Yaba monna e mong le e mong wa bona o nka pitsa ya hae, a kenya mollo ho yona, a o tshela ka dibano, mme ba ema monyako wa tente ya pokano hammoho le Moshe le Aarone.


Ha tswa mollo ho Jehova, wa timeletsa banna bao ba makgolo a mabedi a mashome a mahlano ba neng ba hlahisa dibano.


Yaba Aarone o nka pitsa eo kamoo Moshe a mo laetseng kateng, a titimela hara phutheho, mme a fumana lefu le se le qalehile hara setjhaba. Yaba o tshela dibano, a etsetsa setjhaba pheko.


Ba neng ba shwe ke lefu leo, e bile batho ba dikete tse leshome le metso e mene tse makgolo a supileng, kantle ho ba neng ba shwele ka taba ya Kore.


Kamora tseo, Jesu a mo fumana tempeleng, a re ho yena: Bona, o fodisitswe; o se ke wa hlola o etsa sebe, hore se sebe haholo ho sa pele se tle se se o hlahele.


le ho lebella Mora wa wona mahodimong, eo o mo tsositseng bafung, e leng Jesu ya re loetseng bohaleng bo tlang.


Bolellanang ditshito tsa lona, mme le rapellane, le tle le fole. Thapelo ya ya lokileng e na le matla a maholo ho sebetseng ha yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos