Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 16:46 - Sesotho 1909/1961 (SO)

46 Moshe a re ho Aarone: Nka pitsa ya dibano, o kenye ho yona mollo o tswang aletareng, o e tshele le dibano, o ye ho phutheho kapele, o e etsetse pheko; hobane kgalefo e tswile ho Jehova, lefu le se le qalehile.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

46 Jwale Moshe a re ho Arone: “Nka pane, hodima yona o bee mashala a hlenneng a tswang hodima aletare, mme o tshele mokubetso kahodima wona, o e ise kapele ho setjhaba, o se etsetse tefelo ya sebe.” Kgalefo ya Morena e ne e befetse setjhaba, mme sewa se se se se wetse hodimo.

Ver Capítulo Copiar




Numere 16:46
23 Referencias Cruzadas  

Joabe, mora Tseruja, o ne a qadile ho ba bala, empa a sa ka a phetha, hobane Jehova o ne a halefetse Iseraele, ka baka la palo eo; ke kahoo palo e sa kang ya kena mangolong a morena Davida a ngolwang ka letsatsi le leng le le leng.


ba halefisa Modimo ka diketso tse mpe tsa bona, ho fihlela lefu le befileng le kena hara bona.


Thapelo ya ka a e ke e nyolohele jwaloka dibano tse nkgang hamonate pela hao, le kemiso ya matsoho a ka e be jwaloka sehlabelo sa mantsiboya!


Moshe a re ho Aarone le ho Eleasare le Ithamare, bara ba hae: Le se ke la rola hloohong tsa lona, le se ke la hahola diaparo tsa lona, hore le tle le se ke la shwa, mme Jehova a tle a se ke a halefela phutheho kaofela; lesang banababo lona, ba ntlo ya Iseraele kaofela, ba lle hodima tjheso e kgolo e tukisitsweng ke Jehova.


Ha tswa mollo pontsheng ya Jehova, wa tjhesa setjheso le mafura aletareng; setjhaba kaofela sa ba sa bona, mme batho ba tshela mehoo ya thabo, ba wela fatshe ka difahleho.


O etellwa pele ke lefu la sewa, lefu le tjhesang le mo sala morao.


Hobane, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, le nqalong tsohle dibano di a tjheswa, mahlabelo a hlahisetswa lebitso la ka, e leng mahlabelo a hlwekileng; hobane lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, ho bolela Jehova wa makgotla.


Empa Balevi, bona ba tla bofolla ka mathokong wohle a tabernakele ya bopaki, hore kgalefo ya ka e tle e se ke ya tukela phutheho ya bana ba Iseraele; Balevi ba tla boloka tabernakele ya bopaki.


Empa nama ha e sa ntse e le menong a bona, e eso ho hlafunwe, kgalefo ya Jehova ya tukela setjhaba, mme Jehova a otla setjhaba ka kotsi e kgolo haholo.


Le boloke sehalalelo le aletare, hore ho se ke ha hlola ho eba bohale bo tukelang bana ba Iseraele.


E tla ba ho yena le ho ditloholo tsa hae kamora hae selekane sa boprista bo sa feleng; hobane o bile a tjhesehela Modimo wa hae, mme o hlahiseditse bana ba Iseraele pheko.


a latella monna wa Moiseraele tenteng ya hae, a ba hlaba ba babedi mpeng, monna wa Iseraele le mosadi. Yaba sewa se fela hara bana ba Iseraele.


Ruri ke neile Aarone le bara ba hae Balevi hara bana ba Iseraele, ba tle ba etsetse bana ba Iseraele tshebetso ya tente ya pokano, mme ba etsetse bana ba Iseraele pheko hore kotsi e se ke ya hlahela bana ba Iseraele, mohla bana ba Iseraele ba atamelang sehalalelo.


Hape, Tabeera, le Massa, le Kibrothe-Hattaava, le phepheditse Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos