Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 16:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Etswe o sa ka wa re tlisa naheng e kollang lebese le dinotshi, leha e le ho re nea lefa la masimo le la dirapa tsa merara. Hleka o tla hle o phunye mahlo a banna bana na? Re ke ke ra ya.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Ebile ha o a re fihlisa naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi. Ha wa re nea lefa la naha le masimo a morara. Na o tla foufaletsa banna baa nnete ya ditaba? Rona ha re ka ke ra nyolohela ho wena mono!”

Ver Capítulo Copiar




Numere 16:14
12 Referencias Cruzadas  

Ha e mong a fudisitse tshimong kapa serapeng sa morara, mme a tlohetse kgomo tsa hae, tsa ya ja tshimo ya motho e mong, o tla lefa ka se setle sa tshimo ya hae le ka se setle sa morara wa hae.


Ka lemo tse tsheletseng, o tle o jale tshimo ya hao, o be o kotule tse bewang ke yona;


ka sa bosupa, o tlo o e tlohele e lale, e phomole, hore mofutsana wa tjhaba sa heno a je, mme ho salang ho jewe ke diphoofolo tsa naha. Etsa jwalo ka morara wa hao le ka mohlwaare wa hao.


mme ke itse: Ke tla le ntsha mahlomoleng a Egepeta, ke le ise lefatsheng la Bakanana, le la Bahethe, le la Baamore, le la Baferese, le la Baheve, le la Bajebuse, lefatshe le kollang lebese le dinotshi.


Ke theohile ho ba namolela matsohong a Baegepeta, le ho ba ntsha naheng eo, ke ba ise naheng e ntle, e kgolo, naheng e kollang lebese le dinotshi, moo ho ahileng Bakanana, le Bahethe, le Baamore, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse.


Ke le boleletse, ka re: Ke lona le tlang ho rua naha ya tsona, mme ke tla le fa yona, e be ya lona; ke naha e kollang lebese le dinotshi. Ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le kgaohantseng le ditjhaba.


Ba bolella Moshe, ba re: Re ile naheng eo o re rometseng ho yona; ruri, ke naha e kollang lebese le dinotshi; ke tsena ditholwana tsa teng.


Ha Jehova a re baballa, o tla re isa lefatsheng leo, mme o tla re nea lona; ke lefatshe le kollang lebese le dinotshi.


Na ke ka baka lang le re ntshitseng Egepeta, la re tlisa bakeng sena se sebe na? Hase naha eo re ka e lemang, ha ho difate tsa feiye ho yona, leha e le tsa morara, leha e le tsa garanata, leha e le metsi a ka nowang.


Yaba Bafilesta ba mo tshwara, ba mo honya mahlo, mme ba mo theosetsa Gasa; ba mo tlama teng ka mahlaahlela a mabedi a koporo, mme a nna a soka tshilo ya lelwala teronkong.


Nahashe, Moammone a re ho bona: Ha nka hlaba selekane le lona, ke ha nka honya mahlo a matona a lona bohle, ke tle ke bee sekgobo jwalo hodima Baiseraele bohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos