Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 16:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ke ka baka lena, wena le ba letshwele lohle la hao, le dumellaneng ho tsekisa Jehova! Aarone yena keng, hore le mo rorele na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Ke ka hona wena le balatedi bohle ba hao le ikopantseng ho lwantsha Morena. Arone ke mang, haeka le a mo korotlela tjee?”

Ver Capítulo Copiar




Numere 16:11
15 Referencias Cruzadas  

Ke tsona dihlopha tsa balebedi ba menyako ho bara ba Bakore le ho bara ba Merari.


Ba honohela Moshe diahelong, le Aarone, mokgethwa wa Jehova.


Yaba setjhaba se tsekisa Moshe, sa re: Re feng metsi, re nwe! Moshe a re ho bona: Le ntsekisetsang? Le lekelang Jehova?


Setjhaba sa korotla, mme ha eba hobe ditsebeng tsa Jehova; Jehova a utlwa, mme kgalefo ya hae ya tuka; mollo wa Jehova wa tuka hara bona, wa qeta karolo ya diahelo e kamorao.


Yaba Moshe o romela ho ya bitsa Dathane le Abirame, bara ba Eliabe; empa ba re: Re ke ke ra ya;


Ba bokanela Moshe le Aarone, ba re ho bona: Ho lekane! Phutheho kaofela ke batho ba halalelang, mme Jehova o hara bona; ke ka baka lang ha le iphahamisitse kahodimo ho phutheho ya Jehova na?


Ya le utlwang, o a nkutlwa; mme ya le lahlang, o a ntahla; mme ya ntahlang, o lahla ya nthomileng.


Kannetenete ke re ho lona: Ya amohelang eo ke mo romang, o amohela nna; mme ya amohelang nna, o amohela ya nthomileng.


Ha ke re, tshimo leha e be e ituletse, e ne e le ya hao? mme leha o ne o rekile ka yona, theko ya yona e ne e sa ntse e le ya hao na? Ho ile kang ha o hopotse taba eo pelong ya hao? Leshano leo ha o a le etsa ho batho, empa o le entse ho Modimo.


Ka baka leo, ya hanang ho borena, o hana molao wa Modimo, mme ba hanang ba ikgulela tsuo hodimo.


Hape, le se ke la korotla jwaloka ba bang hara bona ba kileng ba korotla, mme ba bile ba timetswa ke motimetsi.


Pauluse ke mang na? Le Apolose ke mang na? Ke bahlanka bao le dumetseng ka bona, kamoo e mong le e mong a filweng kateng, ke Morena.


Ke batho ba korotlang, ba kgananang, ba yang ka ditakatso tsa bona; melomo ya bona e bolela tsa boikgohomoso, ba tadima tshobotso ya batho ka takatso ya moruo.


Jehova a re ho Samuele: Mamela puo ya setjhaba kahohle kamoo se buang le wena kateng; hobane ha ba lahle wena, ba lahlile nna, hore ke se ke ka nna ka ba morena wa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos