Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 15:36 - Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Yaba phutheho yohle e mo isa kantle ho diahelo, ya mo tlepetsa ka majwe, a ba a shwa, kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

36 Yaba setjhaba sohle se mo ntshetsa kantle ho diahelo, se mo tlepetsa ka majwe, a ba a shwa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.

Ver Capítulo Copiar




Numere 15:36
6 Referencias Cruzadas  

Jwale, banna ba babedi, bara ba Beliale, ba tla ba ema mabapa le yena; banna bao ba qosa Nabothe pontsheng ho setjhaba, ba re: Nabothe o nyefotse Modimo le morena. Ba ntoo mo isa kantle ho motse, ba mo tlepetsa ka majwe, a shwa.


E re ho bana ba Iseraele: Leha e ka ba mang ho bana ba Iseraele, le ho baditjhaba ba aheletseng hara Iseraele, ya tlang ho ntshetsa Moloke e mong wa bana ba hae, o tla bolawa: baahi ba naha ba tla mo tlepetsa ka majwe.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Motho eo o tshwanetse ho bolawa; phutheho yohle e tla mo tlepetsa ka majwe kantle ho diahelo.


Jehova a bua le Moshe, a re:


Jwale batho bohle ba motse wa habo ba tla mo tlapunya ka majwe, a shwe. Tlosa bobe haeno jwalo, hore Baiseraele bohle ba utlwe, mme ba tshabe.


Joshua a re: O re ferekanyeditseng? Jehova o tla o ferekanya le wena kajeno. Yaba Baiseraele bohle ba mo tlepetsa ka majwe, ba ba tjhesa, ba ba ba ba tlepetsa ka majwe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos