Numere 15:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)29 Le tle le be le molao o le mong bakeng sa ya ka sitwang ka ho se tsebe, kapa ke ya tswetsweng hara bana ba Iseraele, kapa ke moditjhaba ya aheletseng hara lona. Ver CapítuloBIBELE29 Ho ya etsang sebe e se ka morero, ho tla ba le molao o le mong ho letswallwa la naha, le ho mojaki ya jakileng hara lona. Ver Capítulo |
Baiseraele bohle, le baholo ba bona, le matona a bona, le baahlodi ba bona ba ema ka nqa tse pedi ho areka, mabapa le baprista, e leng Balevi ba jereng areka ya selekane sa Jehova, hammoho le baditjhaba, le Baiseraele ba hlaho; sehlopha se seng se ne se lebane le thaba ya Gerisime, sehlopha sa bobedi se lebane le thaba ya Ebale, kamoo Moshe, mohlanka wa Jehova, a neng a laetse kateng kgale, hore ba hlohonolofatse setjhaba.