Numere 15:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)24 ekare ha le sitilwe ka ho se tsebe, phutheho e sa ka ya lemoha, phutheho yohle e tla hlahisa sehlabelo sa pohwana, e be setjheso se monko o monate ho Jehova, hammoho le nyehelo ya sona le tshelo ya sona e loketseng; mme le teng e hlahise phooko ya sehlabelo sa sebe. Ver CapítuloBIBELE24 haeba setjhaba se etsa phoso e se ka morero, setjhaba sohle se tla nyehela ka pohwana e le nyehelo ya setjheso, e monko o monate, e amohelehang ho Morena. Setjhaba se tla nyehela le ka nyehelo ya dijo e tsamayang le nyehelo ya pohwana, le ka nyehelo ya seno e tsamayang le yona, ho ya ka taelo. Le nyehele le ka phooko e le nngwe e le nyehelo e tlosang sebe. Ver Capítulo |
Yaba ba kgoleho ba neng ba kgutlile kgolehong, ba hlabela Modimo wa Iseraele mahlabelo a ditjheso; ha hlabelwa Baiseraele bohle dipoho tse leshome le metso e mmedi, le dipheleu tse mashome a robileng mono o le mong a metso e tsheletseng, le dikonyana tse mashome a supileng a metso e supileng, le diphooko tse leshome le metso e mmedi tsa sehlabelo sa sebe; tsohle tsa hlabelwa Jehova ka mokgwa wa ditjheso.
Ekare ha e mong a etsa ho sa lokang, mme a seba ka ho se tsebe, ka ho fotha ntho ho tse kgethetsweng Jehova, o tla hlahisetsa Jehova sehlabelo sa molato wa hae, e leng pheleu e se nang sekodi ya mohlape wa hae, ka ho ya ka tekanyetso eo o tla e lekanya ka dishekele tsa silefera, e leng ka shekele ya sehalalelo, e be sehlabelo sa molato.