Numere 14:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)33 bana ba lona ba tla alosa feelleng ka dilemo tse mashome a mane, ba ntse ba jara moputso wa bootswa ba lona, ditopo tsa lona di be di felle feelleng kaofela ha tsona. Ver CapítuloBIBELE33 Bana ba lona ba tla lelera lehwatateng ka dilemo tse mashome a mane, ka baka la ho se tshepahale ha lona, ho fihlela ditopo tsa lona di timellela lehwatateng. Ver Capítulo |
Haele dilemo tseo re nnileng ra tsamaya ka tsona, ho tloha Kadeshe-Barnea, ho isa tsatsing leo re tshetseng nokana ya Serede ka lona, ya eba dilemo tse mashome a mararo a metso e robileng meno e le mmedi, mofuta wohle wa bana ba ntwa o be o fele diahelong, kamoo Jehova a neng a ba hlapanyeditse kateng.
Bona, jwale Jehova o bolokile bophelo ba ka ka lemo tsena tse mashome a mane a metso e mehlano, jwalokaha a ne a boletse, haesale Jehova a bolella Moshe taba ena, ha Baiseraele ba ne ba ntse ba tsamaya lefeelleng; mme le ka bona, kajeno ke na le dilemo tse mashome a robileng meno e le mmedi a nang le metso e mehlano.
Hobane bana ba Iseraele ba ne ba tsamaile ka dilemo tse mashome a mane feelleng, letshwele lohle la bahlabani ba tswileng Egepeta la ba la fela, kahobane ba ne ba sa ka ba utlwa lentswe la Jehova; ke bona bao Jehova a neng a ba hlapanyeditse, a re, a ke ke a ba bontsha lefatshe leo Jehova a le abetseng bontata bona ka kano, e leng lefatshe le kollang lebese le dinotshi.