Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 14:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Ditopo tsa lona di tla wa feelleng lena, mme lona bohle ba kileng ba balwa, ho tloha ho ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa pele, lona ba dumadumileng ka nna, ha le ka ke la kena lefatsheng leo ke neng ke le emiseditse letsoho la ka, ka re ke tla le ahisa teng,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

29 Ditopo tsa lona di tla rapalla lehwatateng lena; lona bohle ba badilweng ha ho balwa setjhaba, bohle ba dilemo di mashome a mabedi ho ya hodimo, ba ileng ba nkorotlela;

Ver Capítulo Copiar




Numere 14:29
13 Referencias Cruzadas  

Ka baka leo, a emisa letsoho la hae, a hlapanya, a re o tla ba diha feelleng,


Wa fedisa matsatsi a bona hang, le dilemo tsa bona ka tshenyeho e phakisisang.


ke tla kgetha baikgantshi le ba nkganang hara lona, ke tle ke ba ntshe naheng eo ba ahelletseng ho yona; empa ba ke ke ba kena naheng ya Iseraele, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.


Ka mokgwa o jwalo, ho bara bohle ba Iseraele, ha ngolwa, ka matlo a bontata bona, banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.


Ba ngotsweng bohle ya eba dikete tse makgolo a tsheletseng a metso a meraro, tse nang le makgolo a mahlano a nang le mashome a mahlano.


Hara bona ho ne ho se le a mong wa bana ba Iseraele bao Moshe le moprista Aarone ba neng ba badile palo ya bona feelleng la Sinai.


Hobane Jehova o ne a itse: Ba tla shwela feelleng; mme ho ke ke ha sala leha a le mong, haese Kalebe, mora Jefunne, le Joshua, mora Nune.


Empa Modimo ha o a ka wa kgahliswa ke ba bangata hara bona, haele moo ba rapaladitswe feelleng.


Haele dilemo tseo re nnileng ra tsamaya ka tsona, ho tloha Kadeshe-Barnea, ho isa tsatsing leo re tshetseng nokana ya Serede ka lona, ya eba dilemo tse mashome a mararo a metso e robileng meno e le mmedi, mofuta wohle wa bana ba ntwa o be o fele diahelong, kamoo Jehova a neng a ba hlapanyeditse kateng.


Ana ba o halefisitseng ka dilemo tse mashome a mane ke bafe? Na hase ba sitilweng, bao ditopo tsa bona di wetseng feelleng?


Hobane bana ba Iseraele ba ne ba tsamaile ka dilemo tse mashome a mane feelleng, letshwele lohle la bahlabani ba tswileng Egepeta la ba la fela, kahobane ba ne ba sa ka ba utlwa lentswe la Jehova; ke bona bao Jehova a neng a ba hlapanyeditse, a re, a ke ke a ba bontsha lefatshe leo Jehova a le abetseng bontata bona ka kano, e leng lefatshe le kollang lebese le dinotshi.


Ke rata ho le hopotsa taba eo le seng le e tseba, ke hoba Morena, hobane a lwele setjhaba sa hae naheng ya Egepeta, hamorao o fedisitse ba sa kang ba dumela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos