Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 14:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Empa haele mohlanka wa ka, Kalebe, kahobane moya osele o ho yena, o bile a ntatela ka kutlo e phethehileng, ke tla mo kenya lefatsheng leo a kileng a kena ho lona, mme ditloholo tsa hae di tla le rua.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 Empa mohlanka wa ka Kalebe, kaha yena o na le moya o sa tshwaneng le wa ba bang bana, mme o ile a ntatela ka ho tlala, ke tla mo finyeletsa naheng eo a kileng a ya ho yona, mme ditloholo tsa hae di tla e rua.

Ver Capítulo Copiar




Numere 14:24
17 Referencias Cruzadas  

Oho, Jehova, Modimo wa bontata rona Abrahama, Isaaka le Iseraele, o nne o boloke kamehla pelong tsa setjhaba sa hao mokgwa oo wa mehopolo ya bona, mme o tiiselletse dipelo tsa bona ho wena.


Setjhaba sa thabela tseo bao ba di ntshitseng ka ho rata; hobane efela e ne e le ka pelo yohle ba neng ba neela Jehova dimpho tsa bona tsa ho rata; le yena morena Davida a di thabela ka thabo e kgolo.


A etsa ho lokileng mahlong a Jehova; empa e seng ka pelo e phethehileng.


KOF. Ke bitsa ho wena ka pelo ya ka yohle: o nkarabe Jehova, ke tle ke boloke dikomelo tsa hao!


Pelo yohle ya ka a e ke e ineele dikomelo tsa hao, hore ke se ke ka hlabiswa dihlong.


Ngwana ka, mphe pelo ya hao, mahlo a hao a kgahlwe ke tsela tsa ka.


Kalebe a kgutsisa setjhaba se neng se bua hampe ka Moshe, a re: Ha re nyoloheng, re hape naha eo, hobane ka sebele re tla hlola.


haese Kalebe, mora Jefunne, le Joshua, mora Nune.


Hobane Jehova o ne a itse: Ba tla shwela feelleng; mme ho ke ke ha sala leha a le mong, haese Kalebe, mora Jefunne, le Joshua, mora Nune.


Eitse ha a fihla, mme a bona mohau wa Modimo, a thaba, mme a ba kgothatsa kaofela ho tiisetsa ho Morena ka pelo e pheheletseng.


Le se ke la ba sebeletsa feela ha ba le tadimile, jwaloka hoja le rata ho kgahlisa batho; le mpe le etse ho rata ha Modimo, ka pelo ka ho re, le bahlanka ba Kreste;


haese Kalebe, mora Jefunne. Yena o tla le bona, mme ke tla nea yena le bara ba hae lefatshe leo a le hatileng ka maoto, hobane o tiiseditse ho latela Jehova kahohle.


Rata Jehova, Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka matla a hao wohle.


Mme seo le se etsang, leha e ka ba eng le eng, le se etse ka pelo e ratang jwaloka hoja le etsetsa Morena, e seng batho;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos