Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 14:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Bana ba Iseraele bohle ba dumaduma ka Moshe le ka Aarone, mme phutheho yohle ya re ho bona: Jo! hoja ra mpa ra shwela fatsheng la Egepeta! hoja ra timela lefeelleng lena!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Bana ba Iseraele bohle ba korotlela Moshe le Arone, mme setjhaba sohle sa re ho bona: “Hoja re hlile ra shwella naheng ya Egepeta, kapa ebe re shwetse lehwatateng lena!

Ver Capítulo Copiar




Numere 14:2
31 Referencias Cruzadas  

Haele yena, a fetela pele feelleng, tsela ya tsatsi le le leng, a fihla, a dula tlasa sehlahla, a ikopela ho shwa, a re: Ho lekane! Oho, Jehova, nka moya wa ka jwale, hobane ha ke fete bontate ka molemo.


Ke ne ke sa shwe keng mpeng ya mme, kapa ke ne ke sa timele keng ke sa tswa popelong?


Ba kgesa naha e lakatsehang; ha ba ka ba dumela dipallo tsa wona,


ba mpa ba dumaduma ditenteng tsa bona, mme ha ba ka ba ela lentswe la Jehova hloko.


a nna a elellwa selekane sa hae bakeng sa bona, a ba hauhela ka baka la mohau wa hae o moholo,


Ba re ho Moshe: Hleka ho ne ho se mabitla Egepeta, ha o re tlisitse ho shwela lefeelleng na? O ne o re etsang, ha o re ntsha Egepeta?


Setjhaba sa ngangisa Moshe, sa re: Re tla nwang?


Setjhaba se fela se ne se nyoretswe metsi, sa ngangisa Moshe, sa re: O ne o re ntshetsang Egepeta, ho tla re bolaisa lenyora rona le bana ba rona, le makgomo a rona?


Mme jwale, ke re: Jehova, lata hle bophelo ba ka, hobane ho ka bang molemo ho nna ke ho shwa, e seng ho phela.


Yare ha tsatsi le tjhaba, Jehova a hlahisa moya o bohale wa botjhabela, mme letsatsi la bata hlooho ya Jonase, a ba a kgathala, a qela lefu, a re: Ho leng molemo ho nna ke ho shwa, e seng ho phela.


Setjhaba sa korotla, mme ha eba hobe ditsebeng tsa Jehova; Jehova a utlwa, mme kgalefo ya hae ya tuka; mollo wa Jehova wa tuka hara bona, wa qeta karolo ya diahelo e kamorao.


Ha ekaba o nketsa jwalo, oho, ke a o rapela, o mpolaye, ha ekaba ke fumane mohau pela hao; e, o mpolaye, ke tle ke se ke ka bona bomadimabe ba ka!


Ke mang ya tla re fa nama, re je? Re sa hopotse dihlapi tseo re neng re di ja Egepeta re sa di reke, le dikomkomere, le mahapu, le sholoto, le dieie, le sofothafotha;


Yaba phutheho yohle e phahamisa mantswe, ya tlatsa lerata; setjhaba sa lla, bosiu ba ba ba esa.


Haele batho bana kaofela ba boneng kganya ya ka le mehlolo eo ke e entseng Egepeta le lefeelleng, ba seng ba ntekile ha leshome, ba sa kang ba utlwa lentswe la ka,


a ke ntho e nyenyane ha o re ntshitse lefatsheng le kollang lebese le dinotshi ho tla re bolaela nahathothe, haele mona o ipeile morena ho rona na?


Empa yare ha bo esa phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya rorela Moshe le Aarone, ya re: Le bolaile setjhaba sa Jehova.


Yaba Moshe o phetela bana ba Iseraele mantswe ao; marena wohle a mo nea dithupa; morena e mong le e mong a mo nea thupa; dithupa tsa eba leshome le metso e mmedi, ka palo ya matlo a bontata bona. Thupa ya Aarone e ne e le hara tsa bona.


Ho ne ho se metsi teng a ka nowang ke phutheho; yaba e lwantsha Moshe le Aarone.


Ba tsekisa Moshe, ba re: Hoja ra timela mohla banababo rona ba timelang pela Jehova!


Na ke ka baka lang le tlisitseng phutheho ya Jehova lefeelleng lena, hore re shwele teng, rona le makgomo a rona?


Na ke ka baka lang ha le re nyolotse Egepeta hore re tlo shwela lefeelleng na? Hobane, mona, ha ho bohobe, ha ho metsi, mme pelo tsa rona di tennwe ke bohobe bona bo sa tsebisahaleng.


Hape, le se ke la korotla jwaloka ba bang hara bona ba kileng ba korotla, mme ba bile ba timetswa ke motimetsi.


la ngangella ditenteng tsa lona, la re: Ke kahobane Jehova o re hloile a re ntshitseng lefatsheng la Egepeta, ho tla re neela matsohong a Baamore, hore ba tle ba re timetse.


Le mohla re leng Kadeshe-Barnea, ha Jehova a le roma, a re: Nyolohang, le rue lefatshe leo ke le neileng lona, la ikgantshetsa taelo ya Jehova, Modimo wa lona; ha le a ka la mo tshepa, mme ha le a ka la etsa ka lentswe la hae.


Na ba le utlwileng, ba ba ba o phephetsa, ke bafe? Na hase bohle ba tlohileng Egepeta ka Moshe?


Ke batho ba korotlang, ba kgananang, ba yang ka ditakatso tsa bona; melomo ya bona e bolela tsa boikgohomoso, ba tadima tshobotso ya batho ka takatso ya moruo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos