Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 11:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ke mang ya tla re fa nama, re je? Re sa hopotse dihlapi tseo re neng re di ja Egepeta re sa di reke, le dikomkomere, le mahapu, le sholoto, le dieie, le sofothafotha;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Re hopotse ditlhapi tseo re neng re di ja ha re sa le Egepeta, re sa di reke; le mokopu, le mahapu, le dishaloto, le eiye, le konofolo.

Ver Capítulo Copiar




Numere 11:5
7 Referencias Cruzadas  

ka letsoho la hao, Jehova, o mpoloke ho batho, ho batho ba lefatshe lena! Ba na le kabelo ya bona bophelong bona, o tlatsitse dimpa tsa bona ka maruo a hao; bara ba bona ba kgora, mme ba siela ditloholo tsa bona ho salang.


Bana ba Iseraele ba re ho bona: Hojane ra itjhwella ka letsoho la Jehova lefatsheng la Egepeta re ntse re ituletse pela dipitsa tsa nama, re eja bohobe, re kgora! Hobane le re ntshitse teng, la re tlisa lefeelleng lena, hore le bolaye setjhaba sena kaofela ka tlala.


Moradi wa Sione o siilwe jwaloka lephephe tshimong ya merara, jwaloka motlotlwane tshimong ya mahapu, le jwaloka motse o dikeditsweng ka sera.


mme la re: Tjhe, re mpa re tla ya lefatsheng la Egepeta, moo re ke keng ra bona ntwa, moo re ke keng ra utlwa modumo wa terompeta, moo re ke keng ra utlwa tlala, re nne re ahe teng;


Empa haesale re lesitse ho tjhesetsa mofumahadi wa lehodimo dibano, le ho mo tshollela dino, re ntse re haellwa ke dintho tsohle, mme re shwa ke lerumo le tlala.


Bana ba Iseraele bohle ba dumaduma ka Moshe le ka Aarone, mme phutheho yohle ya re ho bona: Jo! hoja ra mpa ra shwela fatsheng la Egepeta! hoja ra timela lefeelleng lena!


bao qetello ya bona e leng timelo, bao modimo wa bona e leng mpa, ba itlotlisang ka dihlong tsa bona, ba hopotseng dintho tsa lefatshe feela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos