Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 11:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Na ba tla hlabelwa manku le makgomo, hore a ba lekane na? Na ba tla bokellelwa dihlapi tsohle tsa lewatle hore di ba lekane na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Na ba tla hlabelwa mehlape ya dinku le ya dikgomo hore e ba lekane? Kapa ebe ba tla tshwasetswa ditlhapi tsohle tsa lewatle, hore di tle di ba lekane?”

Ver Capítulo Copiar




Numere 11:22
11 Referencias Cruzadas  

Tona ya morena eo a ikokotlelang ka letsoho la yona ya fetola monna wa Modimo, ya re: Na o re, le hoja Jehova a ka phunya masoba lehodimong, taba e jwalo e ka etsahala na? Elisha a re: O tla e bona ka mahlo a hao, empa o ke ke wa ja tsa teng.


Na ke tla nka kae nama, ke tle ke fe setjhaba sena sohle; hobane bohle ba itelela ho nna, ba re: Re fe nama, re tle re je!


Moshe a re: Setjhabeng seo ke leng hara sona, ho na le banna ba dikete tse makgolo a tsheletseng, mme o re: Ke tla ba fa nama, mme ba tla e ja ka kgwedi e tletseng.


Jehova a re ho Moshe: A letsoho la Jehova le honyeditswe na? Jwale o tla bona hore na lentswe la ka ho wena le tla etsahala, kapa tjhe.


Barutuwa ba hae ba re ho yena: Ana moo, feelleng, re ka nka kae mahobe a ka lekanang ho kgorisa bongata bo bokalo?


A araba, a re ho bona: Ba fepeng e le lona! Ba re ho yena: Na o re, re ye ho ba rekela bohobe ka didenare tse makgolo a mabedi, re tle re ba fepe na?


Barutuwa ba hae ba mo araba, ba re: Ba ka batlelwa kae mahobe ao ba ka a kgorang feelleng lena?


Sakaria a re ho lengeloi: Taba tseo ke tla di tseba kang? hobane ke se ke hodile, mosadi wa ka le yena o se a tsofetse.


Empa Maria a re ho lengeloi: Taba eo e tla etsahala jwang, athe ha ke tsebe monna?


Moshanyana o teng mona, ya nang le mahobe a mahlano a harese, le dihlatswana tse pedi; empa hoo e ka ba eng, ha ba le bangata hakalo?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos