Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 11:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Na ke tla nka kae nama, ke tle ke fe setjhaba sena sohle; hobane bohle ba itelela ho nna, ba re: Re fe nama, re tle re je!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Nama ya ho fepa setjhaba see sohle ke tla e fumana kae? Se a ntelela, se re: ‘Re fe nama, re je!’

Ver Capítulo Copiar




Numere 11:13
9 Referencias Cruzadas  

Empa mohlanka wa hae a re: Nka di beela batho ba lekgolo jwang? Yena a re: Bea pela batho bana, ba tle ba je, hobane ho itswe ke Jehova: Ba tla ja, ba be ba siye.


Tona ya morena eo a ikokotlelang ka letsoho la yona ya fetola monna wa Modimo, ya re: Na o re, le hoja Jehova a ka phunya masoba lehodimong, taba e jwalo e ka etsahala na? Elisha a re: O tla e bona ka mahlo a hao, empa o ke ke wa ja tsa teng.


tjhe, empa e tla ba ka kgwedi e tletseng, ho fihlela ha nama e etswa dinkong tsa lona, mme e nyekisa dipelo tsa lona; hobane le lahlile Jehova ya leng hara lona, la lla pela hae, la re: A ke ka baka lang ha re tswile Egepeta?


Moshe a re: Setjhabeng seo ke leng hara sona, ho na le banna ba dikete tse makgolo a tsheletseng, mme o re: Ke tla ba fa nama, mme ba tla e ja ka kgwedi e tletseng.


Na ba tla hlabelwa manku le makgomo, hore a ba lekane na? Na ba tla bokellelwa dihlapi tsohle tsa lewatle hore di ba lekane na?


Barutuwa ba hae ba re ho yena: Ana moo, feelleng, re ka nka kae mahobe a ka lekanang ho kgorisa bongata bo bokalo?


Barutuwa ba hae ba mo araba, ba re: Ba ka batlelwa kae mahobe ao ba ka a kgorang feelleng lena?


Jesu a re ho yena: O reng ha o re, ha nka tseba ho thusa? Dumela: tsohle di ka etsetswa ya dumelang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos