5 Etlare ha le di letsa haholo, makgotla a ka nqa botjhabela a tla tloha.
5 “Ha o hlaba mokgosi wa pele ka terompeta, ba diahelong tse ka botjhabela ba tla tswela pele leetong.
Howeletsa, o tlerole! Phahamisa lentswe le phepa jwaloka phala, o bolelle setjhaba sa ka makgopo a sona, o tsebise ntlo ya Jakobo dibe tsa yona.
Letsang terompeta Sione; le hlabe mokgosi thabeng ya ka e kgethehileng! Baahi bohle ba naha ba thothomele, hobane letsatsi la Jehova le a tla, le haufi.
Folaga ya ntlo ya bana ba Juda ya tloha pele: ba tloha ka makgotla a bona; lekgotla la Juda le ne le laolwa ke Nasone, mora Amminadabe;