Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 1:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ho bara ba Juda, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Ha balwa bana ba Juda ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo.

Ver Capítulo Copiar




Numere 1:26
12 Referencias Cruzadas  

A ba a emola hape, a tswala mora, a re: Kajeno, ke tla boka Jehova. Ka baka lena, a mo rea lebitso la Juda (poko ya Jehova). Yaba o dula ho beleha.


Bara ba Juda: Ere, le Onane, le Shela, le Peretse, le Sera. Empa Ere le Onane ba ne ba shwele naheng ya Kanana. Bara ba Peretse e ne e le Hetsrone, le Hamule.


Yaba Joabe o nea morena palo ya bongata ba setjhaba; ho ne ho le Iseraeleng kete tse makgolo a robileng meno e le mmedi tsa banna ba ntwa ba tsomolang sabole, banna ba Juda bona e le ba dikete tse makgolo a mahlano.


Hobane ke Juda ya ileng a feta banababo, mme ke ho yena ho tswileng morena; leha ho le jwalo, ditokelo tsa boholo ba ho tswalwa e ne e le tsa Josefa.


empa a kgetha leloko la Juda le thaba ya Sione eo a e ratang.


Ba ngotsweng ba leloko la Gade ya eba dikete tse mashome a mane a metso e mehlano, tse nang le makgolo a tsheletseng a nang le mashome a mahlano.


Ba ngotsweng ba leloko la Juda ya eba dikete tse mashome a supileng a metso e mene, tse nang le makgolo a tsheletseng.


Abrahama a tswala Isaaka; Isaaka a tswala Jakobo; Jakobo a tswala Juda le banababo;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos