Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 7:71 - Sesotho 1909/1961 (SO)

71 Ho dihlooho tsa matlo a bontata bona, ba bang ba ntshetsa bobolokelo ba tjhelete tsa mosebetsi didarike tsa kgauta tse dikete tse mashome a mabedi, le dimina tsa silefera tse kete tse pedi tse nang le makgolo a mabedi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

71 Ba bang ba dihlooho tsa malapa ba fana ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse lekgolo le mashome a tsheletseng a metso e robedi, le silefera e etsang boima ba dikilo tse sekete le makgolo a mabedi le mashome a mahlano, mme tsena tsohle ba di kenya ka letloleng, bakeng sa mosebetsi.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 7:71
6 Referencias Cruzadas  

ba ntshetsa tshebeletso ya ntlo ya Modimo ditalenta tsa kgauta tse dikete tse hlano tse nang le didarike tse dikete tse leshome, le ditalenta tsa silefera tse dikete tse leshome, le ditalenta tsa koporo tse dikete tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi, le ditalenta tsa tshepe tse dikete tse lekgolo.


Ba bang ba dihlooho tsa matlo a bontata bona ba ntshetsa mosebetsi dimpho. Mmusisi yena a ntshetsa bobolokelo sekete sa didarike tsa kgauta, le merifi e mashome a mahlano, le diaparo tsa baprista tse makgolo a mahlano a mashome a mararo.


Se kileng sa ntshwa ke ba bang ba setjhaba ke didarike tsa kgauta tse dikete tse mashome a mabedi, le dimina tsa silefera tse kete tse pedi, le diaparo tsa baprista tse mashome a tsheletseng a metso e supileng.


ya sa kgetheng tshobotsi ya baholo, ya sa rateng morui ho ena le mofumanehi; etswe bohle e le mosebetsi wa matsoho a hae?


Hobane ho rata ha ho le teng, motho o ye a natefelwe ka seo a nang le sona, e seng ka seo a se hlokang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos