Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 7:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Yaba Modimo wa ka o kenya pelong ya ka kgopolo ya ho phutha baholo le mahosana le setjhaba, hore ba balwe ka masika a bona. Ka fumana buka ya masika a ba neng ba tlile pele, ka fumana teng ho ngodilwe, ho thwe:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Modimo wa ka a ntshusumetsa hore ke kgobokanye mahosana, le babusi, le setjhaba, e le hore ba tle ba balwe ka ho ya ka meloko ya bona. Ka fumana buka ya lenane la meloko, moo ho neng ho ngotswe mabitso a bathopuwa ba ileng ba kgutla pele. Ho yona ho ne ho ngotswe tsena:

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 7:5
15 Referencias Cruzadas  

Bano ba kile ba batla mangolo a mabitso a bona mangolong a masika, ba mpa ba se ke ba a fumana; ba balwa ke hona e le ba sa hlwekang, mme ba ntshwa bopristeng.


Ho bokwe Jehova, Modimo wa bontata rona, ya beileng taba tse kalo, pelong ya morena tsa hore ho kgabiswe ntlo ya Jehova ya Jerusalema,


Oho, Modimo wa ka, elellwa tsohle tseo ke di etseditseng setjhaba sena, o nketse hantle ka baka la tsona!


Oho, Modimo wa ka, hopola Tobia le Sanballate le diketso tsa bona, le yena Noadia moporofeta wa mosadi, le baporofeta ba bang ba lekileng ho ntshabisa!


Hobane motse o ne o le batsi, o le moholo, empa setjhaba sa teng se ne se se sekae, le wona matlo a ne a eso ho hahuwe.


Bano ba kile ba batla mangolo a mabitso a bona mangolong a masika, ba mpa ba se ke ba a fumana; ba balwa ke hona e le ba sa hlwekang, mme ba ntshwa bopristeng.


hobane Jehova ke yena ya fanang ka bohlale; tsebo le kutlwisiso di tswa molomong wa hae.


O mo kenye mererong ya hao yohle, mme o tla o tsamaisa ditseleng tsohle tsa hao.


Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona; mme mohau wa wona ho nna ha o a ka wa eba lefeela; empa, ke ba fetisitse bohle hole ka ho sebetsa; empa e seng nna, e leng mohau wa Modimo o ho nna.


E seng hore re ka tseba ho lekanya letho re nnotshi, jwaloka hoja le itswela ho rona; matla a rona a mpa a tswa ho Modimo;


A re leboheng Modimo, o kentseng tjheseho e le nngwe pelong ya Tite le ho ya ka ka baka la lona.


Ke seo ke se sebetsang, ke ntse ke lwana ka tshebetso ya hae e sebetsang ka ho nna ka matla.


Le se ke la thetseha, banabeso ba ratwang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos