Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 6:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Haele lerako, la phetheha ka la mashome a mabedi a metso e mehlano la kgwedi ya Elule, le sebeditswe ka matsatsi a mashome a mahlano a metso e mmedi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso a mehlano la kgwedi ya Lwetse, ba qeta ho haha lerako. Le ne le nkile matsatsi a mashome a mahlano a metso e mmedi, le ntse le hahuwa.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 6:15
7 Referencias Cruzadas  

Yaba baholo ba Bajuda ba haha ba iketlile, kamoo ho neng ho porofetilwe kateng ke moporofeta Haggai le moporofeta Sakaria, mora Iddo. Ba haha, ba phetha jwalokaha ho ne ho laetse Modimo wa Iseraele, le jwalokaha ho no ho laetse Siruse, le Dariuse, le Artakserksese, morena wa Persia.


Mme ntlo eo ya phethwa ka tsatsi la boraro la kgwedi ya Adare, e leng ka selemo sa botshelela sa ho busa ha morena Dariuse.


Eitse hobane lerako le phethehe, ka kenya mamati a menyako, mme balebedi ba bewa kabelong ya bona, le tsona dibini, le Balevi.


O jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi a kwellang, se beang ditholwana tsa sona ka kgwedi ya tsona, seo mahlaku a sona a sa foforeheng; seo a se etsang kaofela se a mo atla.


Jehova o tsosa Jerusalema, o bokella balelekwa ba Iseraele.


Tseba ke hona, o utlwisise hore, ho tloha taelong e bolelang hore Jerusalema o tla tsoswa, o hahuwe, ha e tswile, ho fihlisa ho motlotsuwa Morena, ho tla feta veke tse supileng; ka veke tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi, motse o tla tsoswa, o hahuwe le mapatlelo a wona, le marako a wona, empa e tla ba ka matsatsi a mahlomola.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos