Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 5:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Hape, ba bang ba ne ba re: Re adimile ditjhelete ka masimo a rona le ka merara ya rona, re tle re ntshe lekgetho la morena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Ba bang le bona ba re: “Re adimile tjhelete ya ho ntsha lekgetho la kgosi, bakeng sa masimo a rona, le dirapa tsa rona tsa morara.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 5:4
9 Referencias Cruzadas  

e leng ditloholo tsa bona tse neng di setse naheng, e leng bao bana ba Iseraele ba neng ba sitilwe ho ba timelletsa ruri, Salomone a kgetha makgoba hara bona, le kajeno ke wona.


Ha ho le jwalo, ho ke ho tsejwe ke morena hore, ha efela motse ono o ka tsoswa, le marako a wona a ka phethwa, ha ba sa tla ntsha lekgetho le sethabathaba le kabelo, mme kahoo bobolokelo ba morena bo tla senyehelwa.


hape, Jerusalema ke motse o nnileng wa buswa ke marena a matla a neng a busa naha yohle e mose wane ho noka, ao lekgetho le sethabathaba le kabelo di neng di ntshetswa wona.


Hape, re a le tsebisa hore, haele baprista bohle, le Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le Banethinime, le bahlanka ba ntlo eo ya Modimo, ba se ke ba ntshiswa lekgetho, leha e le sethabathaba, kapa kabelo.


Ba bang ba ne ba re: Rona, e ka kgona re etse masimo a rona le merara ya rona le matlo a rona ditebeletso; re neeng koro ka baka la tlala ena.


menono ya lona, le e atisetsa marena ao o a beileng ho re busa ka baka la dibe tsa rona; a na le matla hodima mmele ya rona le dikgomo tsa rona, kahohle kamoo a ratang kateng, mme rona re tsietsing e kgolo!


Morui o busa mafutsana, mme ya adimang ke mofo wa eo a adimileng ho yena.


Empa ha ba ka ba leleka Bakanana ba ahileng Gesere; Bakanana ba ahile le Baefraime, ba ba sebeletsa ba ntse ba ntsha lekgetho ho fihlela kajeno.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos