Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 12:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 le bara ba baprista ba tshwereng diterompeta, Sakaria, mora Jonathane, mora Shemaia, mora Matthania, mora Mikea, mora Sakkure, mora Asafe,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

35 le baprista ba bang ba letsang diterompeta, e leng Sekariya, mora wa Jonathane, Jonathane ya tswetsweng ke Shemaya, Shemaya ya tswetsweng ke Mataneya, Mataneya ya tswetsweng ke Mmikiya, Mmikiya ya tswetsweng ke Sakure, Sakure ya tswetsweng ke Asafo,

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 12:35
10 Referencias Cruzadas  

Ho bara ba Asafe ke Sakkure, Josefa, Nethania, le Ashareela, bara ba Asafe, ba le tsamaisong ya Asafe, ya neng a porofeta ka taelo ya morena.


Bonang hle, Modimo o na le rona, o re eteletse pele le baprista ba tshwereng diterompeta tse tlerolang tsa ho le letsetsa. Oho, bana ba Iseraele, le se ka la lwantsha Jehova, Modimo wa bontata lona, hobane le ke ke la atleha.


le Balevi kaofela, e leng dibini, boAsafe, le Hemane, le Jeduthune, le bara ba bona le banababo bona, ha ba ntse ba eme ka nqa botjhabela ho aletare, ba apere lene e ntle, ba tshwere disimbala, le diviole, le diharepa, ba ena le baprista ba lekgolo le mashome a mabedi ba letsang diterompeta;


E mong e ne e le Matthania, mora Mikea, mora Sabdi, mora Asafe, hlooho, ya neng a qala ho phokola thoko thapelong; wa bobedi hara banababo e ne e le Bakbukia; e mong hape e ne e le Abda, mora Shammua, mora Galale, mora Jeduthune.


le Juda le Benjamine, le Shemaia, le Jeremia,


le banababo e leng Shemaia, le Asareele, Milalai, Gilalai, Maai, Nethaneele, le Juda, le Hanani, ba ena le diletsa tsa Davida, monna wa Modimo. Mongodi Esdrase yena o ne a ba eteletse pele.


Baprista ba supileng ba tshware diterompeta tse supileng tse tlerolang, ba etelle areka pele; ka tsatsi la bosupa, le potolohe motse hasupa, mme baprista ba letse diterompeta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos