Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Moeklesia 9:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ba utlwang bona ba tseba hobane ba ya shwa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng, mme ba ke ke ba hlola ba nka moputso lefatsheng, hobane lebitso la bona le lebetswe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Ba phelang bona ba a tseba hore ba tla shwa, athe bafu bona ha ho letho leo ba le tsebang, moputso le wona ha ba ka ke ba o fumana, esita le ho hopolwa ha ba sa hopolwa.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 9:5
18 Referencias Cruzadas  

Athe re fela re tshwanetse ho shwa, re jwaloka metsi a tsholohetseng fatshe, a ke keng a boela a bokellwa; wona Modimo ha o amohe motho bophelo ba hae, athe o ye o hopole mokgwa wa hore ya lelekilweng a se ke a lahlelwa ruri pela wona.


Bara ba hae leha ba hlonephuwa, ha a tsebe; leha ba fumaneha, ha a ba lemohe.


Hobane ke tseba hoba o nkisa lefung, tlung eo ba utlwang kaofela ba tshwanetseng ho phuthehela ho yona.


di mpe di ke di be pela Jehova kamehla, a fedise ho hopola ha bona lefatsheng!


Hobane lefung ha o sa hopolwa; ke mang ya ka o rorisang nqalong ya bafu?


Ke howeletsa ho wena ke hona, Jehova, mme thapelo ya ka e hlaha pela hao e sa le kameso.


Se kileng sa eba teng kgale, ha se hopolwe, esita le se tla tla kamorao se ke ke sa hopolwa; ba tlang ho tla kgajana, ba ke ke ba se hopola.


Ho jwalo: ya bohlale le lewatla ba babedi ba ke ke ba nna ba hopolwa ka ho sa feleng; etswe mehleng e tlang tsohle di tla be di se di lebetswe. Hle! ya bohlale o ntse a eshwa jwaloka lewatla!


Ho molemo ho ya ka tlung ya bofifi, ho ena le ho ya ka tlung ya menyaka, hobane mane ke moo ho fellang motho e mong le e mong, mme motho ya phelang o nahana teng.


Ka bona ha ba bolotsana ba patwa, athe ba etsang hantle ba ne ba tloha, ba ya hole le nqalo e halalelang, ba ba ba lebalwa ke ba hae. Hoo le hona ke lefeela.


Tsohle tse fihlelwang ke letsoho la hao hore di ka sebetswa, o di etse ka matla a hao; hobane nqalong ya bafu moo o yang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.


Na ke mang ya sa fihlelweng ke tseo? Haele ba utlwang, tshepo e ntse e le teng ho bona; hobane ntja e utlwang e fetisa tau e shweleng.


Ba shwele, ba ke ke ba hlola ba phela; ke diriti, ba ke ke ba boela ba utlwa; hobane o ba otlile, o ba fedisitse, o timeditse le ho hopolwa hohle ha bona.


Athe o ntata rona; Abrahama yena a ke ke a re tseba, le Iseraele a ka re hana; wena Jehova, o ntata rona, mme lebitso la hao ke Molopolli wa rona, esale hlolehong.


Kamora bona kaofela, le yena mosadi eo a shwa.


Mme jwalokaha ho laetswe hoba batho bohle ba shwe hang, ho ntoo ba kahlolo;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos