Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Moeklesia 9:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Tse tshwanang di ntse di hlahela bohle: kotsi e le nngwe e hlahela ya lokileng, le molotsana, le ya molemo, le ya hlwekileng, le ya ditshila, le ya hlabang sehlabelo, le ya sa hlabeng sehlabelo. Ya molemo o jwaloka moetsadibe; ya hlapaolang le yena o jwaloka ya tshabang hlapa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Bohle ba hlahelwa ke ntho e tshwanang: Ya lokileng le ya kgopo, ya molemo le e mobe, ya hlwekileng le ya sa hlwekang, ya etsang mahlabelo le ya sa etseng mahlabelo. Ya etsang hantle o tshwana le moetsadibe; ya hlapanyang o tshwana le ya sa hlapanyeng.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 9:2
22 Referencias Cruzadas  

ke tle ke o antshe ka Jehova, Modimo wa mahodimo le Modimo wa lefatshe, hore o ke ke wa nkela mora wa ka mosadi ho baradi ba Bakanana, bao ke ahileng hara bona;


Ho na le taba e le nngwe feela eo ke e tiisang, ke re: O senya ya se nang molato le ya nang le molato.


hobane ke ne ke honohela baikakasi, ha ke bona lehlohonolo la banyefodi.


Efela motho eo o mo ratang, o ye o mo nee bohlale le tsebo le thabo; athe ya etsang sebe, Modimo o ye o mo nee mosebetsi wa ho bokella le ho totisa, hore o tle o nee eo o mo ratang. Hoo le hona ke lefeela le mosebetsi o nyopileng.


Hobane kotsi e hlahelang bana ba batho, e jwalo e hlahela le diphoofolo: bobedi ba bona bo hlahelwa ke kotsi e le nngwe. Mokgwa oo motho a shwang ka wona, le yona phoofolo e shwa jwalo; moya wa bohle o mong; ha ho kamoo motho a fetanang le phoofolo kateng, etswe tsohle e le lefeela.


Le hoja a ba a ka phela lemo tse sekete se balwang habedi, a sa ka a bona lehlohonolo, ha ke re, tsohle di ikela nqalong e le nngwe na?


Ho molemo ha o ka tshwara hona, mme letsoho la hao le se ke la furalla hono; hobane ya tshabang Modimo o tswa tsietsing tsohle.


Ho molemo ho ya ka tlung ya bofifi, ho ena le ho ya ka tlung ya menyaka, hobane mane ke moo ho fellang motho e mong le e mong, mme motho ya phelang o nahana teng.


Ke lemohile, mme ke bone tlasa letsatsi hoba peisong ya lebelo ha a siye ba bang kamehla, ntwa hase ya diqhenqha kamehla, bohobe hase jwa ba bohlale kamehla, le leruo hase la ba kello kamehla, le ho ratwa hase ha batsebi kamehla, empa bohle ba hlahelwa ke nako le sebaka sa ntho tseo.


Bobe bona bo ka ho tsohle tse etswang tlasa letsatsi, ke hoba kotsi e le nngwe e hlahela bohle; eba pelo tsa bana ba batho di tlala bobe, mme pelo tsa bona di tlala bowatla ho pheleng ha bona; kamora moo, ba ikela ho bafu.


e le banna, le basadi, le bana, le baradi ba morena, le batho bohle bao Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a neng a ba siile ho Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, le yena moporofeta Jeremia, le Baruke, mora Neria;


Mme jwale he, re re: Ho lehlohonolo baikgohomosi; hobane ba etsang bolotsana ba ahiswa; ba leka Modimo, mme ba phonyoha!


Le tla boela le bone, kamoo ho fapaneng ya lokileng le ya kgopo kateng, ya sebeletsang Modimo le ya sa o sebeletseng!


Ke tla atamela ho lona ho etsa kahlolo, ke be paki e akofang hodima baloi, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang moputso wa ya sebetsang, le ba jang mosadi wa mohlolohadi le kgutsana, le ba hlorisang moditjhaba, ba sa ntshabe, ho bolela Jehova wa makgotla.


Setjhaba ha se kena morung, leha se bona dinotshi tse rothelang fatshe, ha ho a ka ha eba le a mong ya di isang molomong ka letsoho, hobane setjhaba se ne se tshaba hlapanyo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos