Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Moeklesia 8:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Erekaha kahlolo e ahlolang mesebetsi yohle e kgopo e sa phakise ho etsahala, kahoo pelo tsa bana ba batho di ntse di tlala takatso ya ho etsa hampe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Ka baka la hobane ba kgopo ba dieha ho ahlolwa, batho ba ikemiseditse ho etsa bobe ka sebete.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 8:11
19 Referencias Cruzadas  

A ngola lengolo la ho re: O ke o laolele Uria ka pele moo ntwa e lohlaneng; le suthe pela hae, a tle a bolawe, a shwe.


O mo fa boiketlo, ebe o a tiya, mahlo a wona a tadimile mekgwa ya hae;


Molotsana, boikgantshong ba hae, o re: A ke ke a botsisisa; ha ho Modimo! Ke yona kgopolo ya hae kaofela ha yona.


Pelong ya hae o re: Nke ke ka sisinngwa ke letho le ka mohla o le mong; ke itshireleditse ditsietsi.


Empa wena, Morena, o Modimo o lereko, o molemo, o diehang ho halefa, o tletseng mohau le nnete.


Jehova a feta pela hae, a re: Ke nna Jehova, Jehova, Modimo o mohau, o lereko, o diehang ho halefa, o tletseng mohau le nnete,


Empa eitse ha Faro a bona hobane ho kgaoditswe, a ithatafatsa pelo, a se ke a ba mamela, jwalokaha Jehova a ne a boletse.


Empa Faro a boela a ithatafatsa pelo le ka lekgetlo lena, mme a se ke a lokolla setjhaba.


Bobe bona bo ka ho tsohle tse etswang tlasa letsatsi, ke hoba kotsi e le nngwe e hlahela bohle; eba pelo tsa bana ba batho di tlala bobe, mme pelo tsa bona di tlala bowatla ho pheleng ha bona; kamora moo, ba ikela ho bafu.


Motho e mobe ha a ka hauhelwa, a ke ke a ithuta ho loka; esita leha a le naheng ya toka, e nne e be motho ya kgopo, mme ha a tadime boholo ba Jehova.


Na o tshabile mang, wa tshoha mang, ha o ikentse lehata, o sa ka wa nkgopola, o sa ka wa ntlhokomela na? Na ke hobane e le kgale ke kgutsitse, ha o sa ka wa ntshaba na?


ha le ka fela la etsa jwalo, mamelang lentswe la Jehova, lona masala a Juda. Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ha le ka phehella ho ya Egepeta, la ya jaka teng;


Moabe o nnile a iketla esale le botjheng ba hae, a nna a itulela ditshifeng tsa hae, ha a ka a tshollelwa pitseng e nngwe ka pitseng e nngwe, ha a ka a ya kgolehong; ka baka leo, ho nkga ha hae ho nnile ha eba teng ho yena, monko wa hae ha o a ka wa fetoha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos