Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Moeklesia 8:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ya lekanang le ya bohlale ke mang? Mme ke mang ya ka tsebang ho hlalosetsa taba na? Bohlale ba motho bo edisa sefahlelo sa hae, mme bo fetola bothata ba sefahlelo sa hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ya tshwanang le mohlalefi ke mang? Ya tsebang ho hlalosa dintho ke mang? Bohlale bo edisa fahleho sa motho, ho tsunkana ha sona ebe ho a fetoha.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 8:1
27 Referencias Cruzadas  

Ba re ho yena: Re lorile ditoro, mme ha ho ya di phuthollang. Josefa a re ho bona: Diphuthollo na ha di tswe ho Modimo na? A le ke le mpolelle hle.


Jwale ha ho ka tla ho yena lengeloi le mo hlalosetsang ditaba, le tswang makgotleng a lehodimo, la mo kenya tseleng e lokileng,


Bana ba Iseraele ba ne ba bona hoba letlalo la sefahleho sa Moshe le a kganya; Moshe a boele a busetse lesira sefahlehong sa hae, ho fihlela a boela a kena ho ya bua le Jehova.


hore a utlwisise maele le dipuo tse tebileng, le ditaba tsa ba bohlale, le thuto tsa bona tse patilweng.


Motho o tla roriswa ho lekana bohlale ba hae; empa ya pelo e kgopo yena o tla nyediswa.


Ya kelello o qamakisisa bohlale pela hae, empa mahlo a lehlanya a tjhalakela pheletsong tsa lefatshe.


Motho ya bolotsana o ithatafatsa sefahleho, empa ya lokileng o sasamatsa tsela ya hae.


Ya bohlale o na le matla, ya rutehileng o na le matla a maholo;


O bea tse tebileng le diphiri pepeneneng; o tsebisisa se lefifing, lesedi le ahile ho wona.


Morena a bua le Daniele, a re: Ruri, Modimo wa lona ke Modimo wa medimo le Morena wa marena, ke yena ya senolang diphiri, ha o tsebile ho nkwahollela sephiri seo.


A fetoha pontsheng ho bona; sefahleho sa hae sa kganya jwaloka letsatsi, mme diaparo tsa hae tsa eba tshweu jwaloka lesedi,


Eitse ha ba bona ho tiya ha Petrose le Johanne, athe ba tseba hobane ke batho ba sa rutehang, e le batho feela, ba makala, mme ba lemoha hobane ba kile ba tsamaya le Jesu.


Jwale, Morena, bona ditshokelo tsa bona, mme o nee bahlanka ba hao matla a ho bolela lentswe la hao, ba sa tshabe letho.


Mme bohle ba dutseng kgotla ha ba mo hlaba ka mahlo, ba bona sefahleho sa hae se le jwaloka sefahleho sa lengeloi.


Ke hona le tshwanetseng ho ipea katlasa borena, e seng ka baka la ho tshaba kotlo feela, empa e be le ka baka la letswalo.


Le nna le nthapelle, hore ke newe ho bua phatlalatsa, ke tle ke tsebise batho sephiri sa Evangeli,


setjhaba se thata, se ke keng sa tadima maqheku ka mohau, leha e le ho hauhela ba batjha.


Empa Morena a nkemela, mme a nkenya matla, hore polelo ya Evangeli ya hae e phethehe ka nna, mme ditjhaba tsohle di e utlwe; mme ke namoletswe molomong wa tau.


le tswe le se le dumela hobane ha ho boporofeta Lengolong bo hlahileng ka ho itlhalosetsa ha motho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos