Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Moeklesia 7:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ho molemo ho ya ka tlung ya bofifi, ho ena le ho ya ka tlung ya menyaka, hobane mane ke moo ho fellang motho e mong le e mong, mme motho ya phelang o nahana teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Ho molemo ho etela lapa le aparetswe ke bofifi, ho ena le ho etela lapa la moketeko, hoba lefu ke pheletso ya motho ka mong; ba phelang hona ba ho nahane hantle.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 7:2
29 Referencias Cruzadas  

O re rute ho bala matsatsi a rona ka mokgwa oo re ka fihlelang pelo e hlalefileng ka wona!


Ya bohlale o na le mahlo a hae hloohong, athe lewatla le tsamaya lefifing; leha ho le jwalo, ke lemohile hoba bohle hammoho ba hlahelwa ke tsietsi e tshwanang.


Ho jwalo: ya bohlale le lewatla ba babedi ba ke ke ba nna ba hopolwa ka ho sa feleng; etswe mehleng e tlang tsohle di tla be di se di lebetswe. Hle! ya bohlale o ntse a eshwa jwaloka lewatla!


Hobane kotsi e hlahelang bana ba batho, e jwalo e hlahela le diphoofolo: bobedi ba bona bo hlahelwa ke kotsi e le nngwe. Mokgwa oo motho a shwang ka wona, le yona phoofolo e shwa jwalo; moya wa bohle o mong; ha ho kamoo motho a fetanang le phoofolo kateng, etswe tsohle e le lefeela.


Tsohle di ikela nqalong e le nngwe; tsohle di tswa leroleng, mme tsohle di kgutlela leroleng.


Le hoja a ba a ka phela lemo tse sekete se balwang habedi, a sa ka a bona lehlohonolo, ha ke re, tsohle di ikela nqalong e le nngwe na?


Tse tshwanang di ntse di hlahela bohle: kotsi e le nngwe e hlahela ya lokileng, le molotsana, le ya molemo, le ya hlwekileng, le ya ditshila, le ya hlabang sehlabelo, le ya sa hlabeng sehlabelo. Ya molemo o jwaloka moetsadibe; ya hlapaolang le yena o jwaloka ya tshabang hlapa.


Bobe bona bo ka ho tsohle tse etswang tlasa letsatsi, ke hoba kotsi e le nngwe e hlahela bohle; eba pelo tsa bana ba batho di tlala bobe, mme pelo tsa bona di tlala bowatla ho pheleng ha bona; kamora moo, ba ikela ho bafu.


Ba utlwang bona ba tseba hobane ba ya shwa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng, mme ba ke ke ba hlola ba nka moputso lefatsheng, hobane lebitso la bona le lebetswe.


O ne o re: E se e le nna mofumahadi ka ho sa yeng kae! Mme wa ya o se na kelello tabeng tsena, o sa hopole bofello ba tsona.


Hape, o se ke wa kena ka tlung ya mokete ho ya itulela le bona ho ja le ho nwa.


Mme jwale, ho bolela Jehova wa makgotla: Lekolang ditsela tsa lona pelong tsa lona: Le jetse haholo, empa le thothile hanyenyane;


Ha le sa utlwe, le sa hlokomele ho tlotlisa lebitso la ka, ho bolela Jehova wa makgotla, ke tla romela thohako hodima lona, ke rohake dihlohonolofatso tsa lona; e, ke bile ke di rohakile, hobane ha le hlokomele letho.


A ke mang ya ka balang lerole la Jakobo, ya ka bolelang karolo ya bone ya palo ya Iseraele? A nke ke shwe lefu la ba lokileng, mme bofelo ba ka bo tshwane le jwa bona!


Ho lehlohonolo ba llang; hobane ba tla tshediswa.


Hojane ba le bohlale ba ka be ba lemohile taba tsena, le ho ela ho fela ha bona hloko!


a re ho bona: Beang dipelo tsa lona tabeng tsohle tseo ke le pakelang tsona kajeno, le tle le di laele bana ba lona, ba tle ba itise ho etsa ka dipolelo tsohle tsa molao oo.


bao qetello ya bona e leng timelo, bao modimo wa bona e leng mpa, ba itlotlisang ka dihlong tsa bona, ba hopotseng dintho tsa lefatshe feela.


Mme jwalokaha ho laetswe hoba batho bohle ba shwe hang, ho ntoo ba kahlolo;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos