Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Moeklesia 6:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Mosebetsi wohle wa motho o iswa molomong wa hae; leha ho le jwalo, takatso ya hae ha e kgore.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Tshebetso yohle ya motho ke ho lemisetsa mmetso, takatso tsa hae tsona ha di ke di kgotsofala.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 6:7
11 Referencias Cruzadas  

Ho lapa ha motho ya sebetsang ho a mo thusa; ke molomo wa hae o mo kgannang.


Ntho tsohle di kgathatsa ho feta kamoo motho a ka bolelang kateng. Leihlo ha le kgore ho di bona, tsebe ha e tlale kutlo ya tsona.


Ya ratang silefera, silefera e ke ke ya mo kgorisa; ya ratang ho phela ka nala, le yena a ke ke a hola ka yona. Hoo le hona ke lefeela.


Molemo o moholo wa naha e nngwe ke hore morena a be teng ya disang naha e lemilweng.


Le hoja motho a ne a ka tswala bana ba lekgolo, a phela lemo tse ngata, ditshiu tsa dilemo tsa hae tsa atiswa, ha moya wa hae o mpa o sa kgore bomadimatle, mme a hloka le lebitla, ke re, esita le sefolotsana se mo feta ka lehlohonolo;


Na ya bohlale o fetisa lewatla kang? Kapa ya fumanehileng, ya tsebang ho itsamaela pontsheng ya ba phelang, o ruang?


Ke moo ke reng ho lona: Le se ke la belaela ka tsa ho phela ha lona, ka seo le tla se ja, le ka seo le tla se nwa; leha e le ka sa mmele ya lona, ka seo le tla se apara. Na bophelo ha bo fetise dijo na? Na mmele ha o fetise seaparo na?


mme ke tla re ho moya wa ka: Moya, o na le mesebetsi e mengata e bokelletsweng dilemo tse ngata; phomola, o je, o nwe, o nyakalle.


Se sebeletseng dijo tse felang, empa le sebeletse dijo tse tla ba teng le bophelong bo sa feleng, tseo le tla di fuwa ke Mora motho: hobane ke yena eo Ntate, e leng Modimo, a mo tshwaileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos