Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Moeklesia 5:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 O se ke wa potlakisa molomo wa hao, pelo ya hao e se ke ya akofa ho bua taba pela Modimo; hobane Modimo o mahodimong, athe wena, o lefatsheng; ha ho le jwalo, mantswe a hao a be a se makae;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Se potlakele ho ahlamisa molomo, pelo ya hao e se ke ya ba lehala ho bua ho hong kapela Modimo. Modimo o lehodimong, wena o lefatsheng, kahoo polelo tsa hao di se be kae.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 5:2
21 Referencias Cruzadas  

Abrahama a araba, a re: Bona hle, ke betile pelo ho buisana le Morena, leha ke le lerole le molora feela.


A re: Oho! Morena a se ke a halefa, ha ke ntse ke bua. Ekaba ho ka fumanwa teng ba lokileng ba mashome a mararo feela. Mme a re: Ha nka fumana ba lokileng ba mashome a mararo, nke ke ka etsa.


A re: Oho! Morenaka a se ke a halefa, mme ke tla boela ke bue hang feela: Ekaba ho ka fumanwa teng ba lokileng ba leshome feela. A re: Nke ke ka o senya ka baka la ba lokileng bao ba leshome.


Jakobo a ana kano, a re: Ha Modimo o ka ba le nna, wa mpoloka leetong lena leo ke le tsamayang; ha o ka nna wa mpha bohobe ke tle ke je, le diaparo ke tle ke apare;


lejwe lena leo ke le emisitseng mokolokotwane, e tla ba ntlo ya Modimo; mme ke tla o ntshetsa karolo ya leshome ya tsohle tseo o tlang ho nnea tsona.


Athe Modimo wa rona o mahodimong; o etsa tsohle tseo o di ratang.


Dipolelong tse ngata, tshito ha e hlokwe; ka baka leo, ya itshwarang molomo o bohlale.


Ke leraba ho motho ho kgethela Modimo ntho ka potlako, le ho belaela ha ho se ho annwe.


Mantswe a tswang molomong wa ya bohlale a kgahlisa kahohle, empa melomo ea lewatla e a le timetsa.


Qalo ya mantswe a molomo wa lona ke bothoto, mme qetello ya puo tsa lona ke bohlanya bo senyang.


hobane jwalokaha toro e etswa bongateng ba mesebetsi, ho jwalo molomo wa lewatla o tsejwa ka bongata ba mantswe.


Hobane jwalokaha ditoro tse ngata e le lefeela, ho jwalo le mantswe a mangata. Ha ho le jwalo, tshaba Modimo.


Empa jwalokaha lehodimo le phahame hodimo ho lefatshe, ditsela tsa ka di phahame jwalo hodimo ho ditsela tsa lona, le mehopolo ya ka hodimo ho mehopolo ya lona.


Ekare ha motho a itlama feela ka molomo, mme a hlapanya hore o tla etsa bobe, kapa botle, ka mokgwa ofe le ofe oo motho a ka buang ka wona, leha a sa ka a lemoha, ha a qala ho lemoha, eba o molato.


Ha le rapela, le se ke la touta jwaloka bahetene; hobane ba hloma ba tla utluwa ke ho bua haholo.


Jwale lona, rapelang jwalo, le re: Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao a le ke le kgethehe;


A mo hlapanyetsa, a re: Ntho eo o ka e kopang, ke tla o fa yona, leha e ka ba le ho o arolela mmuso wa ka kalehare.


Hobane bohle re kgoptjwa nthong tse ngata. Ekare ha e mong a sa kgoptjwe dipuong, eo ke monna ya phethehileng, ya ka tsebang ho busa le mmele kaofela.


Jafeta a itlama ho Jehova ka kano, a re: Ekare ha o ka neela bana ba Ammone matsohong a ka,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos