Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Moeklesia 4:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ba babedi ba feta a le mong, hobane moputso o motle o teng wa mosebetsi wa bona:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Ba babedi ba feta ya mong, moputso wa bona o a hlamatseha.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 4:9
15 Referencias Cruzadas  

Yaba Jehova Modimo o re: Ha ho molemo hoba motho a dule a nnotshi; ke tla mo etsetsa molekane ya tshwanang le yena.


A re ho yena: Ha Basiria ba ka nkimela, o tle, o tlatsetse ho nna; ha bana ba Ammone ba o imela, ke tla tlatsetsa ho wena.


Tshepe e leotsa tshepe; sefahleho sa motho se leotsa sefahleho sa motswalle wa hae jwalo.


leha ba ewa, e mong a ka tsosa molekane wa hae; athe ya nnotshi o madimabe, leha a ewa, ha a na wa bobedi ya mo tsosang.


Ke motho ya dutseng a nnotshi, ya se nang wa bobedi ho yena, ya se nang leha e le mora, leha e le ngwanabo; leha ho le jwalo, mokgathala wa hae ha o fele, le wona mahlo a hae ha a kgore moruo ... Ke ikgathaletsa mang, mme ke tima moya wa ka lehlohonolo ka baka la mang? Hoo le hona ke lefeela, ke mokgathala o bohloko.


Yaba Jehova o tshosa moya wa Sorobabele, mmusisi wa Juda, mora Salathiele, le moya wa Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake, le moya wa masala wohle a setjhaba, mme ba ya, ba qala ho sebetsa ntlo ya Jehova wa makgotla, Modimo wa bona,


Nna ke nnotshi, ke sitwa ho jara setjhaba sena kaofela, hobane se nkimela ruri.


Yaba o bitsa ba leshome le metso e mmedi, a qala ho ba roma ka bobedi; a ba fa matla a ho hlola meya e ditshila;


Ya kotulang o nka moputso, mme o bokellela bophelo bo sa feleng dijo, hore ya jalang a thabe hammoho le ya kotulang.


Ha ba ntse ba sebeletsa Morena, ba itima dijo, Moya o Halalelang wa re: Nkgetheleng Barnabase le Saule, ba ye mosebetsing oo ke ba bileditseng wona.


Iponeleng, hore re se ke ra timellwa ke tseo re di sebeleditseng, re mpe re fuwe moputso o tletseng.


Jehova a putse mosebetsi wa hao, mme moputso o phethehileng wa hao o tswe ho Jehova, Modimo wa Iseraele, eo o tlileng ho tshabela katlasa dipheo tsa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos