Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Moeklesia 3:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ke lemohile mesebetsi eo Modimo o e neileng bana ba batho hore ba ikgathatse ka yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Ke bone mosebetsi o boima oo Modimo a o neileng batho hore ba o sebetse.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 3:10
6 Referencias Cruzadas  

O tla ja bohobe ka mofufutso wa phatla ya hao, o be o kgutlele mobung oo o ntshitsweng ho wona; hobane o lerole, mme o tla kgutlela leroleng.


Jwalokaha o sa tsebe tsela ya moya, leha e le kamoo masapo a bopjwang popelong ya mosadi ya emereng kateng, ho jwalo ha o tsebe mosebetsi wa Modimo o etsang tsohle.


Efela motho eo o mo ratang, o ye o mo nee bohlale le tsebo le thabo; athe ya etsang sebe, Modimo o ye o mo nee mosebetsi wa ho bokella le ho totisa, hore o tle o nee eo o mo ratang. Hoo le hona ke lefeela le mosebetsi o nyopileng.


Le lona, banabeso, le sa hopotse mosebetsi le mofufutso wa rona, kamoo re le boleletseng Evangeli ya Modimo kateng, re ntse re sebetsa motshehare le bosiu, re tle re se ke ra imetsa motho, leha a le mong, hara lona.


Hape, ha re a ka ra ja bohobe ba motho feela, re mpa re sebeditse motshehare le bosiu ka thata le ka kgathalo, hore re tle re se ke ra imetsa motho hara lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos