Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Moeklesia 10:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ke bone taba e mpe tlasa letsatsi, ke phoso e yeng e etswe ke mmusi:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Ho na le bokgopo boo ke bo boneng mona lefatsheng, phoso eo sesosa sa yona e leng mmusi:

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 10:5
10 Referencias Cruzadas  

Boiketlo ha bo lokele sethoto; ho tla ronana hakakang ha mofo a busa marena!


Mohla ba lokileng ba hlolang, boiketlo bo teng; empa ba babe ha ba phahama, ho ipatwa ke batho.


Ha pelo ya mmusi e ka o halefela, o se ke wa furalla ditulo tsa hao, hobane mosa o ka o phemisa phoso e kgolo.


ke hobane bothoto bo ye bo bewe tulong tse phahameng, mme barui ba ye ba dule tulong tse kokobetseng.


Ka boela ka tadima tlasa letsatsi, ka bona bokgopo bo le teng nqalong ya kahlolo, le tulong tsa ho loka ka bona bokgopo.


Ka boela ka lemoha dihloriso tsohle tse etswang tlasa letsatsi, mme ka bona meokgo ya ba hloriswang, ho mpa ho se ya ba tshedisang. Ka nqa ho bahlorisi ba bona, ka bona bothata, ho mpa ho se monamoledi.


Ka boela ka lemoha lefeela le leng le leng teng tlasa letsatsi.


Ho na le kotsi e bohloko eo ke e boneng tlasa letsatsi: ke leruo le sotofatsang monga lona ya le bokeletseng;


Taba e mpe e teng eo ke e boneng tlasa letsatsi, e boima pelong tsa batho:


Bobe bona bo ka ho tsohle tse etswang tlasa letsatsi, ke hoba kotsi e le nngwe e hlahela bohle; eba pelo tsa bana ba batho di tlala bobe, mme pelo tsa bona di tlala bowatla ho pheleng ha bona; kamora moo, ba ikela ho bafu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos