Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 3:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ho itswe ke Jehova bakeng sa baporofeta ba thetsang setjhaba sa ka, bao ereng ha ba hlafuna ka meno a bona, ba bolele kgotso, empa ha motho a sa ba futise letho, ba mo tsosetse ntwa ...

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Morena o bua tjena: “Baporofeta bana tjhaba sa ka ba a se kgelosa, ba re ‘kgotso’ ho motho ya ntshang diphomoso, ba lwane ya kgumamela le ya se nang tsona.”

Ver Capítulo Copiar




Mikea 3:5
25 Referencias Cruzadas  

Ho ya ka tshobotsi tsa batho hase ntho e ntle; esita ka baka la leqhetswana la bohobe motho a ka tlola molao.


Haele setjhaba sa ka, se hatakelwa ke bana, basadi ba se busa. A setjhaba sa ka! batsamaisi ba hao ba o kgelosa, ba senya tsela eo o tsamayang ka yona.


Na ba na le kgopolo ya hore ba lebatse setjhaba sa ka lebitso la ka ka ditoro tsa bona tseo ba di bolelang e mong le e mong ho molekane wa hae, jwaloka bontata bona ba kileng ba lebala lebitso la ka ka baka la Baale na?


Bonang, ke na le tseko le ba porofetang ditoro tsa leshano, ho bolela Jehova, ba di bolelang, ba kgelosang setjhaba sa ka ka mashano a bona le ka boikakaso ba bona; kanthe ha ke a ka ka ba roma, ha ke a ka ka ba nea taelo, mme haele ho thusa, ha ba thuse setjhaba sena letho, ho bolela Jehova.


Ba oka leqeba la moradi wa setjhaba sa ka ka bobebe, ka ho re: Kgotso! kgotso! kanthe ha ho kgotso.


Le mo futuheleng! Tlohang hle, re nyoloheng motshehare! Ho madimabe rona, hobane letsatsi le a dikela, mme meriti ya mantsiboya e setse e theile.


Baporofeta ba hao ba ile ba o bonela mashano le bosawana, ha ba ka ba o kwahollela bokgopo ba hao, hore ba tle ba kgelose kgoleho ya hao, ba mpa ba o boleletse ditshenolo tsa leshano le tsa thetso.


Letsoho la ka le tla lwantsha boporofeta ba bonang mafeela, ba nohang mashano; ba ke ke ba eba le kopano le setjhaba sa ka, ha ba ka ke ba ngolwa bukeng ya ntlo ya Iseraele; ha ba ka ke ba kena naheng ya Iseraele, le tle le tsebe hoba ke nna Morena Jehova.


O tla kgoptjwa motshehare, moporofeta a kgoptjwe le wena bosiu, mme ke tla fedisa mmao.


Hlabang mokgosi hara ditjhaba, ka ho re: Itlhatswetseng ntwa le tsose dinatla! A ho atamele, a ho tle banna bohle ba ntwa!


Hoja motho o teng ya tsamaelang lefeela le bohata, ya thetsang ka ho re: Ke tla o porofetela bakeng sa veine le jwala! ekabeba moporofeta eo ke ya ka lokelang setjhaba sena.


Hlooho tsa teng di ahlolela dimpho, baprista ba teng ba ruta ka baka la moputso, baporofeta ba teng ba noha ka baka la tjhelete; leha ho le jwalo, ba ikokotlela ka Jehova, ba re: Na Jehova ha a hara rona na? Bobe bo ke ke ba fihla hodima rona!


Empa lona, le kgelohile tsela, le kgopisitse ba bangata ka molao; le sentse selekane sa Levi, ho bolela Jehova wa makgotla.


Ba tloheleng; ke difofu tse tsamaisang difofu; sefofu ha se tsamaisa sefofu se seng, di tla wela sekoting tse pedi.


Phemang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba apere kobo ya nku, empa kahare e le diphiri tse hapakang.


Hobane batho ba jwalo ha ba sebeletse Morena wa rona Jesu Kreste, ba mpa ba sebeletsa dimpa tsa bona feela, mme ba kgelosa dipelo tsa ba se nang molato ka dipolelo tse kgahlehang le ka tse tjhatjhehisang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos