Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 24:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ho tla ba madimabe basadi ba baimana, le ba anyesang mehleng eo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Ho tla ba madimabe baimana le batswetse ba matsatsi ao!

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

19 Ho madimabe baimana le ba anyesang mehleng eo!

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Ho madimabe baimana le ba anyesang mehleng eo!

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 24:19
12 Referencias Cruzadas  

Haele Jonathane, mora Saule, mora hae e mong o ne a le teng, ya holofetseng maoto; o ne a le dilemo tse hlano mohla ho fihlang pehi ya kamoo Saule le Jonathane ba shwetseng kateng, Jisreele. Mopepi wa hae o ne a mo nkile, a baleha le yena; ka baka la ho potlaka, ha a baleha, ngwana a wa, a ba a holofala maoto; bitso la hae e ne e le Mefiboshethe.


Yaba Menaheme o tloha Thirtsa, a kena Thifsa, a bolaya bohle ba teng le ba mathoko wohle a teng; kahobane ba ne ba sa ka ba mmulela monyako, a ba bolaya ke hona; basadi bohle ba baimana a petsola dimpa tsa bona.


Matsoho a basadi ba bonolo a apehile bana ba bona, ya eba dijo tsa bona tshenyehong ya moradi wa setjhaba sa ka.


Samaria o tla kgalemelwa, hobane o ikgantshitse ho Modimo wa hae. Ba tla bolawa ke lerumo, masea a bona a pshatlwe, basadi ba bona ba emereng ba petsolwe.


Ba re ho yena: Na o utlwa seo bao ba se bolelang na? Jesu a re ho bona: E, na ha le eso ho ka le bala taba e reng: O tumisitse dithoko tsa hao ka melomo ya bana le ya ba anyang, na?


le ya leng masimong, a se ke a kgutlela hae ho nka kobo ya hae.


Le rapele hore paleho ya lona e se hlahe mariha, leha e le ka Sabatha.


Empa ho tla ba madimabe baimana le ba anyesang mehleng eo, hobane tsietsi e tla ba kgolo lefatsheng, mme bohale bo tla wela setjhaba sena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos