Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 22:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Nna, ke Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Isaaka, le Modimo wa Jakobo; Modimo hase Modimo wa bafu, empa ke wa ba phelang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

32 ‘Ke nna Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo?’ Modimo hase Modimo wa bafu, empa ke Modimo wa ba phelang.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

32 Ke nna Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Isaaka, le Modimo wa Jakobo? Modimo hase Modimo wa bafu, empa ke wa ba phelang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

32 Ke nna Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Isaaka, le Modimo wa Jakobo? Modimo hase Modimo wa bafu, empa ke wa ba phelang.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 22:32
9 Referencias Cruzadas  

Nakong ya ho hlahisa sehlabelo, moporofeta Elia a atamela, a re: Oho, Jehova, Modimo wa Abrahama le Isaaka le Iseraele, a ho ke ho tsejwe kajeno hore ke wena Modimo wa Iseraele, le hore nna ke mohlanka wa hao, le hore ke entse ntho tseo kaofela ka taelo ya hao.


Yaba o re: Ke nna Modimo wa ntatao, Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaaka, Modimo wa Jakobo. Yaba Moshe o ipata sefahleho, kahobane o tshaba ho tadima Modimo.


Haele ka tsoho ya bafu, na ha le a ka la bala hoo le ho boleletsweng ke Modimo, ha o re:


Modimo wa Abrahama, wa Isaaka, le wa Jakobo, Modimo wa bontata rona, o tlotlisitse mohlanka wa wona Jesu, eo le mo neetseng Pilato, la mo latola pela hae, leha yena a ne a ahlotse ho mo lokolla.


Ke nna Modimo wa bontatao. Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaaka, Modimo wa Jakobo. Yaba Moshe o tshwarwa ke ho thothomela, mme a tshaba ho tadima.


Empa jwale, ba lakatsa lehae le fetisang ka molemo, e leng la lehodimo; ke ka baka leo Modimo o se nang dihlong tsa ho ipitsa Modimo wa bona; hobane o ba lokiseditse motse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos